Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 37:16 - BIBELE

16 Ka kgauta e hlwekileng a etsa dijana tse tla bewa hodima tafole: mafiso, le mafiswana, le dinwelo, le mepotjwana e sebediswang ha ho nyehelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ha etswa le mesebetsi e bewang tafoleng, e leng mafiso a yona, le mehope ya yona, le dinkgwana tsa yona, le merifi ya yona ya ho etsa ditshelo; tsa etswa ka kgauta e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 37:16
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le dikotlolo, le ditimamabone, le matlao, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso tsa kgauta e hlwekileng, le dihokelo tsa kgauta tsa mamati a Sehahalelo sa halalelang ka ho fetisisa, le tsa mamati a ntlo, e leng Tempele.


Leha ho le jwalo, ka tjhelete ena e neng e tlisitswe ka Tempeleng ya Morena, ha ho a ka ha etsetswa Tempele ya Morena dikotlolo tsa silefera, le ditimamabone, le matlao, le diterompeta, leha e le eng kapa eng ya kgauta kapa ya silefera.


O tla e etsetsa mafiso, le mafiswana, le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Tsena di etswe ka kgauta e hlwekileng.


Ka dithupa tsa sefate sa mositsane a etsa mefeng e jarang tafole, a e maneha kgauta.


A etsa sedulwana sa lebone ka kgauta e hlwekileng. Sedulwana seo sa lebone a se etsa ka kgauta e thutsweng. Madulo a sona, le lenono la sona, le dikgakeletso tsa sona, le dipalesa tsa sona, le dithunthung tsa sona, tsa thulellwa ho sona.


Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo.


Ka tlung e kgolo ha ho fumanwe dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa le tsona tsa lehong le tsa letsopa; tse ding ke tsa mesebetsi e kgethehileng, tse ding ke tsa mesebetsi ya kamehla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ