Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 35:5 - BIBELE

5 ‘Ntshetsang Morena dimpho tsa lona; e mong le e mong a ntshetse Morena ka pelo e tshweu; kgauta, le silefera, le lethose;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ntshang ho tsa lona seo le se abelang Jehova. Motho ka mong eo pelo ya hae e ratang, a ke a tlise se abetsweng Jehova, kgauta, silefera, le koporo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 35:5
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jowashe a re ho baprista: “Tjhelete yohle, eo e leng dimpho tse abetsweng Morena, e tliswang ka Tempeleng ya Morena, e leng tjhelete eo motho ka mong a lekanyeditsweng ho e ntsha, le e lekanyeditsweng ba tlasa taolo ya hae, le tjhelete yohle eo motho a e ntshetsang Tempele ya Morena ka boithaopo;


Yaba Hesekiya o re: “Jwale le ineetse Morena. Atamelang le tlise mahlabelo, le dinyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena.” Setjhaba sa tlisa mahlabelo le dinyehelo tsa teboho, mme bohle ba tlisa dinyehelo tsa setjheso, tsa boithaopo.


Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


Batho ba boela ba tla; bohle bao pelo tsa bona di ratang, le bohle ba pelo di tshweu, ba tlisetsa Morena dimpho bakeng sa ho etsa Tente ya Morena, le bakeng sa tshebeletso e tla etsetswa ka ho yona, le bakeng sa ho etsa diaparo tse halalelang.


Banna bohle le basadi bohle ba bana ba Iseraele, ba pelo di tshweu, ba tlisa dintho tsa mosebetsi oo Morena a neng a laetse Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Morena dimpho tsa boithaopo.


Moshe a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, a re: “Sena ke seo Morena a se laetseng, a re:


masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene, le ka boya ba dipodi;


Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.


Pelo ya ka e rata balaodi ba Iseraele, lona ba ikentseng sehlabelo sa setjhaba ka boithaopo, lona rorisang Morena!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ