Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 35:34 - BIBELE

34 Yena le Oholeabe, mora wa Ahimasake, wa leloko la Dane, ba neilwe bohlale ba ho ruta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 O mo lemositse ho ruta ba bang; ho jwalo le bakeng sa Oholiabe, mora Akisamake, wa leloko la Dane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 35:34
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke mora wa mosadi e mong wa ba morabe wa Dane. Ntatae o ne a ahile Tire. Monna enwa o tseba ho etsa dintho tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa tshepe; le ho betla majwe, le ho etsa dintho tsa lehong, le tsa masela a perese, le a maputswa, le a lene e lohehileng, le a mafubedu. O tseba le ho etsa moralo wa ntho efe le efe, le ho etsa setshwantsho sa ntho efe le efe eo ho thweng a e etse. Monna enwa o tla sebetsa le ditsebi tsa hao, le ditsebi tsa monga ka Davida, ntatao.


Esera o ne a ithutile Molao wa Morena, a o phetha, a ruta Baiseraele melao le ditaelo tsa Morena.


Yaba Esera o re: “Ho bokwe Morena Modimo wa bo-ntata rona, ya rutileng kgosi hore e lakatse ho kgabisa Tempele ya Morena e Jerusalema,


Ka tsoha hara bosiu ke ena le banna ba mmalwana. Ka se ke ka bolella motho, seo Modimo wa ka a itseng ke tlo se etsetsa motse wa Jerusalema. Ho ne ho se na phoofolo le e nngwe, haese eo ke neng ke e palame.


Ke mo neile le Oholeabe, mora wa Ahisamake, wa leloko la Dane. Bohle ba bohlale ke ba file tsebo, mme ba tla etsa tsohle tseo ke ba laetseng tsona.


le ho betla majwe a tla kenngwa mekgabisong, le ho betla dithupa, le ho etsa mesebetsi yohle, ho latela setshwantsho se radilweng.


E mong le e mong o amohetse neo ya ho bonahatsa Moya hore bohle ba fumane molemo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ