Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 35:3 - BIBELE

3 Malapeng wohle a lona le se ke la besa mollo ka letsatsi lena la Sabatha.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le se ke la besa mollo matlung wohle a lona ka tsatsi la Sabatha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 35:3
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang, le ka letsatsi la bosupa e tla ba teng; ho se be mosebetsi oo le tla o etsa ka matsatsi ao, haese feela ho lokisa ho ka jewang; hoo ke hona feela hoo le ka ho etsang.


Moshe a re ho bona: “Sena ke seo Morena a se boletseng: ‘Hosasane ke letsatsi la phomolo; ke letsatsi la phomolo la Sabatha sa Morena. Seo le se besang le se bese, seo le se apehang le se apehe; sohle se salang le se bolokele la hosasane.’ ”


O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme wa etsa mosebetsi wa hao kaofela,


“O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, o phomole ka letsatsi la bosupa; e le hore pholo ya hao, le tonki ya hao, di tle di phomole; le mora wa lekgabunyane la hao, le mojaki ba ke ba re kgefu!


Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke la Sabatha, la ho phomola, mme le a halalela ho Morena. Bohle ba ka etsang mesebetsi ka letsatsi la Sabatha, ruri ba tla bolawa.


Moshe a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, a re: “Sena ke seo Morena a se laetseng, a re:


“Haeba o sa nke maeto ka tsatsi la Sabatha, o sa phethe merero ya hao ka tsatsi la ka le halalelang; haeba o bitsa Sabatha letsatsi la thabo, o re ke la Morena le halalelang, le hlomphehang; haeba o le hlompha ka ho se etse mesebetsi ya hao, o sa phethe merero ya hao, o sa bue mafeela;


“ ‘Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke letsatsi le leholo la phomolo; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe; ke Sabatha sa Morena diahelong tsohle tsa lona.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ