A heletsa matlo a banna ba kgethetsweng ho etsa bohlola, a neng a le ka Tempeleng ya Morena, e leng moo basadi ba neng ba lohela masela a etsang diaparo tsa Ashera.
Batho ba boela ba tla; bohle bao pelo tsa bona di ratang, le bohle ba pelo di tshweu, ba tlisetsa Morena dimpho bakeng sa ho etsa Tente ya Morena, le bakeng sa tshebeletso e tla etsetswa ka ho yona, le bakeng sa ho etsa diaparo tse halalelang.
Banna bohle le basadi bohle ba bana ba Iseraele, ba pelo di tshweu, ba tlisa dintho tsa mosebetsi oo Morena a neng a laetse Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Morena dimpho tsa boithaopo.
Yaba Moshe o bitsa Besalele le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale dipelong tsa bona, ba ratang, hore ba tle mosebetsing, ba sebetse.
Banna bohle ba bohlale hara basebetsi ba etsa Leaho ka masira a leshome, a lesela la lene, a loehileng, le a maputswa, le a perese, le a mafubedu, mme sehomi sa setsebi sa homa ditshwantsho tsa dikerubime ho wona.