Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 35:25 - BIBELE

25 Basadi bohle ba bohlale ba ohla ka matsoho a bona; ba tlisa dikgwele tse ohlilweng tse putswa, le tse perese, le tse kgubedu, le tsa lene.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Basadi bohle ba masene ba loha ka matsoho a bona, mme ba tlisa seo ba se lohileng, e le purepera, sekarelata, le krimsone, le lene e ntle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 35:25
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A heletsa matlo a banna ba kgethetsweng ho etsa bohlola, a neng a le ka Tempeleng ya Morena, e leng moo basadi ba neng ba lohela masela a etsang diaparo tsa Ashera.


Dihlopha tsa baprista le tsa Balevi di tla o thusa mosebetsing wohle wa Tempele ya Modimo. Banna bohle ba ditsebi ba tla o thusa mesebetsing yohle e batlang tsebo; le mahosana le setjhaba sohle se tla mamela taelo ya hao.”


O tla buisana le bohle ba bohlale, bao ke ba hlalefisitseng, mme ba tla etsetsa Arone diaparo ho mo halaletsa, hore a tle a ntshebeletse e le moprista.


Ke mo neile le Oholeabe, mora wa Ahisamake, wa leloko la Dane. Bohle ba bohlale ke ba file tsebo, mme ba tla etsa tsohle tseo ke ba laetseng tsona.


Bohle ba fanang ka silefera, le ka lethose, ba tlisetsa Morena dimpho tseo. Le bohle ba neng ba ena le dithupa tsa sefate sa mositsane tse ka sebediswang, ba di tlisa.


Basadi bohle ba ratang, ba bohlale, ba ohla boya ba dipodi.


“Jwale Besalele, le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya ho tseba ho etsa mesebetsi yohle ya Sehalalelo, ba tla sebetsa, ba etse mesebetsi eo, ho latela tsohle tseo Morena a di laetseng.”


Mosadi ya bohlale o haha lapa la hae, empa ya sethoto o le qhala ka matsoho a hae.


Petrose a ema, a ya le bona. Ha a fihla, ba mo isa kamoreng e kahodimo, mme bahlolohadi bohle ba mo teela hare ba ntse ba lla, ba mmontsha mefuta ya diaparo eo Dorokase a neng a di etse ha a sa ntse a phela.


Dumedisang Terufaina le Terufosa, ba sebeletsang Morena haholo. Dumedisang motswalle Peresise, ya sebeleditseng Morena haholo.


Dumedisang Maria, ya le sebeleditseng haholo.


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Le wena molekane wa ka mosebetsing, wena ya tshepahalang, ke a o kopa hore o ba thuse, hobane ba ile ba lwanela molaetsa o molemo hammoho le nna, le Tlelemente le balekane ba bang ba ka, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ