Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 35:21 - BIBELE

21 Batho ba boela ba tla; bohle bao pelo tsa bona di ratang, le bohle ba pelo di tshweu, ba tlisetsa Morena dimpho bakeng sa ho etsa Tente ya Morena, le bakeng sa tshebeletso e tla etsetswa ka ho yona, le bakeng sa ho etsa diaparo tse halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Motho ka mong ya eleditsweng ke pelo ya hae le bohle ba pelo di ithatetseng, ba fihla ba tlisetsa Jehova dikabelo ho sebetsa tente ya pokano, le tsohle tsa tshebeletso ya yona, le diaparo tse kgethehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 35:21
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Wena, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o senoletse mohlanka wa hao, wa re: ‘Ke tla o hahela ntlo’; ka baka lena ke bile sebete ho o rapela ka thapelo ena.


Jwale kgosi Davida a ema, a re: “Mmameleng, lona bana beso, le setjhaba sa heso. Ke ne ke ena le maikutlo a ho hahela areka ya selekane sa Morena Tempele, eo e tla dula ka ho yona, le moo Modimo wa rona a tla namela teng, mme ke se ke entse ditokiso tsa ho e haha.


“Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri!


“Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.


Ho feta mona, kaha ke rata Tempele ya Modimo wa ka, kahodima tsohle tseo ke seng ke di lokiseditse Tempele ena e halalelang, le nna ke abela Tempele ena ya Modimo wa ka matlotlo a ka a kgauta le a silefera:


Ba neng ba ena le majwe a bohlokwa ba a abela letlole la Tempele ya Morena le neng le hlokomelwa ke Jehiele wa Mogereshone.


Setjhaba sa nyakalla, hobane bao ba ne ba ithaopetse ho fana, mme ba efa Morena ka dipelo tsa bona tsohle. Kgosi Davida le yena a thaba haholo.


E ile yare ha batho bana ba fihla Tempeleng ya Morena e Jerusalema, ba bang ba dihlooho tsa malapa abo bona ba etsetsa Tempele ya Modimo dinyehelo tsa boithaopo, hore ba boele ba e hahe setsheng sa yona sa pele.


Yaba Esera o re: “Ho bokwe Morena Modimo wa bo-ntata rona, ya rutileng kgosi hore e lakatse ho kgabisa Tempele ya Morena e Jerusalema,


Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ba nntshetse dimpho. Le amohele dimpho tsa ka ho motho ka mong ya ithaopang.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha kapele ho Moshe.


Ha kena le basadi, bohle bao pelo tsa bona di ratang; ba tlisa dipetja, le masale a rwalwang dinkong, le mefitshane, le dipele, le tsohle tse entsweng ka kgauta; bohle ba nang le hona ba tlisetsa Morena dimpho tsa kgauta.


Basadi bohle ba ratang, ba bohlale, ba ohla boya ba dipodi.


Banna bohle le basadi bohle ba bana ba Iseraele, ba pelo di tshweu, ba tlisa dintho tsa mosebetsi oo Morena a neng a laetse Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Morena dimpho tsa boithaopo.


‘Ntshetsang Morena dimpho tsa lona; e mong le e mong a ntshetse Morena ka pelo e tshweu; kgauta, le silefera, le lethose;


Yaba Moshe o bitsa Besalele le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale dipelong tsa bona, ba ratang, hore ba tle mosebetsing, ba sebetse.


Baballa pelo ya hao, e baballe ho feta tsohle, hobane ke yona diba sa bophelo.


Kgosi ya bona e tla hlaha hara bona, kgosana ya bona e be e mong wa bona; ke tla e atametsa, e be haufi le nna. Ya tla ba le sebete sa ho nkatamela ke mang?” ho rialo Morena.


Lona madinyane a marabe, le ka bolela jwang tse lokileng le le kgopo tjee? Molomo o bolela se tletseng ka pelong.


Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.


Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.


“ ‘Phaphama, phaphama, Debora! Phaphama, phaphama, phokola sefela! Tsamaya Barake, mora wa Abinoame, o kganne bathopuwa ba hao!’


“Lona dikgosi mamelang, lona mahosana sekehang tsebe, nna ke tla binela Morena, ke binele Morena Modimo, Modimo wa Iseraele.


Pelo ya ka e rata balaodi ba Iseraele, lona ba ikentseng sehlabelo sa setjhaba ka boithaopo, lona rorisang Morena!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ