Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 34:35 - BIBELE

35 Bana ba Iseraele ba ne ba ye ba bone hore sefahleho sa Moshe se a kganya; ebe Moshe o boela a ikgurumetsa sefahleho ka lesira, ho fihlela a kena hape ho ya bua le Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Bana ba Iseraele ba ne ba bona hoba letlalo la sefahleho sa Moshe le a kganya; Moshe a boele a busetse lesira sefahlehong sa hae, ho fihlela a boela a kena ho ya bua le Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 34:35
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Moshe o bokella setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, o re ho sona: “Tsena ke tseo Morena a laetseng hore le di etse:


Ya tshwanang le mohlalefi ke mang? Ya tsebang ho hlalosa dintho ke mang? Bohlale bo edisa fahleho sa motho, ho tsunkana ha sona ebe ho a fetoha.


Bahlalefi ba tla phatsima jwaloka loapi la lehodimo, mme ba rutileng batho ba bangata ho etsa ho lokileng ba tla phatsima jwaloka dinaledi kamehla le mehla.


Mohlang oo ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi Mmusong wa Ntata bona. Ya nang le ditsebe a utlwe.”


Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.”


Yena e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ile la rata ho nyakalla leseding la hae nakwana.


e seng jwaloka Moshe ya neng a ikgurumetsa sefahleho, hore bana ba Iseraele ba se ke ba bona tlotla e felang ya sefahleho sa hae ha e nyamela.


e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ