Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 34:26 - BIBELE

26 “Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o di ise tlung ya Morena, Modimo wa hao. “O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 O tla tlisa tlung ya Jehova, Modimo wa hao, dilopotsiya tsa dithakangwaha tsa masimo a hao. O se ke wa hladiya potsanyane ka lebese la mma yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 34:26
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ka selemo le selemo re tla tlisa ka Tempeleng ya Morena dilopotsiya tse tswang masimong a rona, le dilopotsiya tsa ditholwana tsa difate tsohle.


“Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o tla di tlisa tlung ya Morena Modimo wa hao. “O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha le fihla naheng eo ke le naeng yona, mme le kotula tseo e di behileng, le tla tlisetsa moprista ngata ya dilopotsiya tsa lona.


Ho fihlela le tlisitse nyehelo ya Modimo wa lona, le se ke la ja bohobe, le diqhome kapa lefotho, ho fihlela ka lona letsatsi leo. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle.”


Ka bohobe bo entsweng ka koro ya dilopotsiya, o tla nyehella Morena, e le nyehelo e akgotswang. O tla e phahamisa jwalokaha o etsa ka nyehelo e akgotswang e tswang seotlong.


Ditholwana tsa dilopotsiya tse butswitseng tsa naha ya bona, tseo ba di tlisetsang Morena, e tla ba tsa hao. Bohle ba lelapa la hao ba hlwekileng ba tla di ja.


Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.


Empa Kreste o fela a tsohile bafung, mme ke yena letsibolo la ba shweleng.


“Le se ke la ja nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela. Le ka e fa bajaki ba metseng ya lona, la e rekisetsa moditjhaba, hobane lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona. “Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”


Jwale bona, ke tlisitse dilopotsiya tse tswang mobung oo o nneileng wona, Morena.’ O tla di bea fatshe, kapele ho Morena Modimo wa hao, o mo kgumamele.


o tla nka dilopotsiya tsa ditholwana tsohle tse tswang mobung wa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona. O di kenye ka serotong, ebe o ya sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona.


Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ