Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 34:25 - BIBELE

25 “O se ke wa nnyehella ka madi a sehlabelo sa ka le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa sielwa la hosasane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 O se ke wa hlahisa madi a sehlabelo sa ka a ena le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa hloha bosiu ho bolokelwa hosasane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 34:25
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho se be letho leo le ka le sielang ho le ja ka la hosasane; ho ka salang ho tjheswe mollong.


Le se ke la ja letho le lomositsweng; diahelong tsa lona tsohle le tla ja bohobe bo sa lomoswang!’ ”


Ba je nama eo hona bosiung bona boo, e besitswe, ba e jelelle le bohobe bo sa lomoswang, le ka moroho o babang.


“Madi a sehlabelo sa ka a se ke a nyehelwa mmoho le bohobe bo lomositsweng, leha e le ho boloka mafura a tsa mokete wa ka ho fihlela ka letsatsi le hlahlamang.


Haeba ho fihlela ka la hosasane ho ena le nama e setseng ya mokete wa kgalaletso, kapa bohobe, o tjhese tsena tse setseng; di se ke tsa jewa, hobane di a halalela.


“ ‘Nyehelo efe le efe ya dijo, eo o e etsetsang Morena, e se ke ya lomoswa. O se ke wa tjhesa tomoso kapa mahe a dinotshi, e le setjheso se etsetswang Morena.


Nama ya phoofolo ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho e tla jewa hona mohla letsatsi leo la nyehelo; ho se ke ha ba e sielwang letsatsi la hosasane.


Ba se ke ba itshiela letho bakeng sa hosasane, ho se be le lesapo le rojwang. Ba tla o etsa ho ya ka melao yohle ya mokete wa Paseka.


A ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo di tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.”


Le se ke la e jelella ka bohobe bo lomositsweng. Ka matsatsi a supileng le tla e jelella ka bohobe bo sa lomoswang, e leng bohobe ba matshwenyeho, hobane le ne le tswe Egepeta ka ntshwe-di-safohlwa; e le hore ka matsatsi wohle a ho phela ha lona le nne le hopole mohla le neng le etswa naheng ya Egepeta.


Ka matsatsi a supileng ho se ke ha eba le ditomoso naheng yohle ya lona. Nama ya sehlabelo se ileng sa etswa ka phirimana ya letsatsi la pele e se ke ya sielwa la hosasane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ