Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 34:18 - BIBELE

18 “O boloke mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Ka matsatsi a supileng o tla ja bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane o tswile Egepeta ka kgwedi eo ya Mmesa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 O ke o boloke mokete wa mahobe a se nang ditomoso: ka matsatsi a supileng o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse, nakong e beilweng ya kgwedi ya Abibe: hobane ke ka kgwedi ya Abibe o tswileng Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 34:18
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ho lona kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho dikgwedi; e tla ba kgwedi ya pele ya selemo.


Ya eba bosiu ba ho lebella Morena ha a ne a tla ba ntsha naheng ya Egepeta; kahoo bosiu bona boo e tla ba bosiu ba ho lebella Morena setjhabeng sohle sa Iseraele, le melokong yohle ya sona.


Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng.


Kajeno lena, ka kgwedi ya Mmesa, le a tsamaya.


“Ka selemo o tla nketsetsa mokete hararo.


“O tla etsa mokete wa bohobe bo sa lomoswang; ka matsatsi a supileng o je bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane ke ka yona o tswileng naheng ya Egepeta. “Ho se be ya tla hlaha kapele ho nna a itsolokile.


Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano, hona kgweding eo, ke mokete wa Morena wa bohobe bo sa lomoswang, mme ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang.


“ ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele ke Paseka ya Morena.


Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la yona kgwedi ena ke mokete; ka matsatsi a supileng ho tla jewa bohobe bo sa lomoswang.


Ho ne ho setse matsatsi a mabedi pele ho Paseka le mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka mano, ba tle ba mmolaye,


Mokete wa bohobe bo sa lomoswang, o bitswang Paseka, o ne o atametse.


Yare ha a bona hore taba eo e kgahlile Bajuda, a eketsa ka ho tshwara Petrose. E ne e le matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ