Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 34:17 - BIBELE

17 “O se ke wa iketsetsa medimo e bopilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 O se ke wa iketsetsa modimo o tsholotsweng ka tshepe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 34:17
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O entse bokgopo ho feta batho bohle ba bileng teng pele ho wena. O iketseditse medimo e meng ya ditshwantsho tse bopilweng, hore o nkgalefise, mme jwale o mphuraletse.


A tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele; a etsa medimo ya bohata ya bo-Baale.


Le se ke la ba le medimo e meng kantle ho nna; le se ke la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta.


“O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sefe kapa sefe sa ntho e hodimo, lehodimong; kapa e tlase, lefatsheng; kapa e metsing, katlase ho lefatshe.


“Ka selemo o tla nketsetsa mokete hararo.


Se se se kgelohile kapele tseleng eo ke se laetseng yona. Se ipopetse namane ya kgauta, mme se e kgumametse, sa ba sa e etsetsa mahlabelo, sa re: ‘Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!’ ”


Batho bohle ha ba na tsebo, ba thotofetse, malala a kgauta a hlabiswa dihlong, a hlabiswa dihlong ke medingwana ya wona. Medingwana ena ya wona ke ya leshano, medingwana ena ya wona ha e phefumolohe.


“ ‘Le se ke la sebeletsa medimo ya bohata, le se ke iketsetsa medimo e bopilweng ka tshepe. Ke nna Morena Modimo wa lona.


“Kaha re le bana ba Modimo, ha re a tshwanela ho hopola hore bomodimo bo tshwana le kgauta, silefera kapa lejwe le betlilweng ka tsebo le ka bohlale ba motho.


Le a bona, mme le a utlwa hore Paulosi enwa o re medimo e entsweng ke batho hase medimo, mme o kgelositse letshwelehadi, e seng mona Efese feela, empa e batla e le Asia yohle.


“ ‘Ho rohakehe ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se bopilweng ka tshepe, se entsweng ke matsoho a setsebi, mme a se kgumamela sephiring, e leng ntho e manyala ho Morena!’ “Setjhaba sohle se arabele, se re: ‘A ho be jwalo!’


“ ‘O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sefe kapa sefe sa ntho e hodimo, lehodimong, kapa e tlase, lefatsheng kapa e metsing, katlase ho lefatshe.


Mmika a kgutlisetsa ho mmae tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro. Mmae a re: “Silefera ena e tswang letsohong la ka ke e abela Morena, ka baka la mora wa ka, hore ho etswe setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng. Ka baka leo, ke e kgutlisetsa ho wena.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ