Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 34:12 - BIBELE

12 Hlokomela, o se ke wa etsa selekane la baahi ba naha eo o yang ho yona, esere selekane seo ya eba leraba hara lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O tle o iponele, esere mohlomong wa etsa selekane le ba ahileng fatsheng leo o tla fihla ho lona, ba tle ba se ke ba o fetohela leraba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 34:12
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ba nyala le hoja Morena a ne a itse ho bana ba Iseraele: “Le se ke la nyallana le bona, hobane ruri ba tla le kgelosetsa ho medimo ya bona.” Empa Solomone a ba rata haholo.


Ba hloma difika tseo ba di kgumamelang, le ditshwantsho tsa Ashera hodima maralla wohle, le katlasa difate tsohle tse talana.


Mahosana a furalla Tempele ya Morena Modimo wa bo-ntata wona, a sebeletsa ditshwantsho tsa Ashera le medimo ya bohata. Ka baka la tshito ena ya wona, kgalefo ya Morena ya tlokomela setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema.


Ba sebeletsa medimo ya bona, medimo ya bona ya ditshwantsho, e ileng ya ba fetohela leraba.


le tla leleka baahi ba naha eo kapele ho lona, le dihe difika tsa bona, le senye ditshwantsho tsa bona tse bopilweng, le fedise le dibaka tsohle tsa bona tsa borapedi.


esere ba le ruta ho etsa manyala wohle a bona, ao ba a etseditseng medimo ya bona, mme yaba le sitelwa Morena Modimo wa lona.”


Morena o tla le neela tsona, mme le tle le di etse ho ya ka ditaelo tsohle tseo ke le laetseng tsona.


Ditjhaba tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a tla neelana ka tsona matsohong a lona, le tla di timetsa. Le se ke la di hauhela, le se ke la sebeletsa medimo ya tsona, hobane hona e tla ba leraba ho lona.”


Ha Morena Modimo wa lona, a le neela ditjhaba tsena, le tla di hlola, ebe le di timetsa ho hang. Le se ke la etsa selekane le ditjhaba tseo, leha e le ho di utlwela bohloko.


Banna ba Baiseraele ba re ho Bahife bana: “Mohlomong le ntse le phela haufi le rona. Jwale re ka etsa selekane le lona jwang?”


Ka re ho lona: ‘Ke nna Morena Modimo wa lona; le se ke la tshaba medimo ya Baamore bao le ahileng naheng ya bona.’ Empa ha le a ka la mmamela.”


Ka tsena yaba Gideone o etsa setipe seo a ileng a se bea kahara motse wa hae wa Ofera. Baiseraele bohle ba kwenehela Morena ba kgumamela setipe seo, mme sa fetoha leraba ho Gideone le ho ba lelapa la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ