Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 33:23 - BIBELE

23 Jwale ke tla tlosa seatla sa ka, mme o tla bona sekotlo sa ka, empa sefahleho sa ka sona se ke ke sa bonwa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ke ntoo tlosa letsoho la ka, mme o tla mpona kamorao; empa sefahleho sa ka, sona ha se na ho bonwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 33:23
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Na o ka tseba phiri sa Modimo ka ho fuputsa? Kapa wa fihlela bohlale ba Ya Matla wohle?


Tsena ke dinyane feela tsa matla a hae, tse bolelwang ka yena ke lehweshehweshe; boholo ba matla a hae bo ka utlwisiswa ke mang?”


Morena a boela a re: “Ha o ka ke wa tseba ho bona sefahleho sa ka, hobane motho a ke ke a mpona, yaba o a phela.”


Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo.


Hajwale re bona ka seipone, ka lerootho, empa mohlang oo re tla bona jwalokaha difahleho di tadimane. Hajwale ke tseba ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba jwalokaha Modimo a ntseba.


yena a inotshi ya sa shweng, ya ahileng leseding le ke keng la atamelwa, eo ho seng motho ya kileng a mmona, kapa ya ka mmonang. Hlompho le matla a sa feleng e ke e be tsa hae. A ho be jwalo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ