Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 33:20 - BIBELE

20 Morena a boela a re: “Ha o ka ke wa tseba ho bona sefahleho sa ka, hobane motho a ke ke a mpona, yaba o a phela.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hape a re: O ke ke wa bona sefahlelo sa ka, hobane ha ho motho ya ka mponang, mme a phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 33:20
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a rea sebaka seo lebitso la Peniele, hobane o ne a re: “Ke bone Modimo ka mahlo, empa ke ntse ke phela.”


Ba bona Modimo wa Iseraele; tlasa maoto a hae ho le letlapa le kang la lejwe la safire, le hlwekileng jwaloka mahodimo.


Jwale Moshe, le Arone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Baiseraele ba mashome a supileng, ba nyoloha.


A ba a re: “Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo!” Moshe a ipata sefahleho, hobane o ne a tshaba ho tadima Modimo.


Moshe a re: “Ako mpontshe tlotla ya hao, ke a o rapela!”


Jwale ke tla tlosa seatla sa ka, mme o tla bona sekotlo sa ka, empa sefahleho sa ka sona se ke ke sa bonwa.”


Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.”


Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo.


le re: ‘Bonang, Morena Modimo wa rona, o re senoletse tlotla ya hae, le boholo ba hae; le lentswe la hae re le utlwile le etswa kahara mollo. Kajeno lena re bone hore Modimo o hle a bue le motho, ebe motho eo o ntse a phela.


yena a inotshi ya sa shweng, ya ahileng leseding le ke keng la atamelwa, eo ho seng motho ya kileng a mmona, kapa ya ka mmonang. Hlompho le matla a sa feleng e ke e be tsa hae. A ho be jwalo!


Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao?”


Manowa a re ho mosadi wa hae: “Ruri re tla shwa, hobane re bone Modimo.”


Ha Gideone a lemoha hore e ne e le lengeloi la Morena, a re: “Oho, Morena Modimo, ke bone lengeloi la hao fahleho di tadimane!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ