Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 33:19 - BIBELE

19 Morena a re: “Ke tla o bontsha botle ba ka bo hadimang, ke be ke phatlalatse lebitso la Morena kapele ho wena. Ke tla hauhela eo ke ratang ho mo hauhela, ke utlwele bohloko eo ke ratang ho mo utlwela bohloko.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jehova a re: Ke tla fetisa molemo wohle wa ka pontsheng ya hao; ke bolele lebitso la Jehova pela hao; ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke rekolohele eo ke mo rekolohelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 33:19
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba hapa diqhobosheane le naha e manoni, ba hapa le matlo a tletseng mefuta yohle ya thepa; didiba tse tjhekilweng, masimo a morara le a mohlwaare, le fate tsa tholwana tse ke ke be tsa balwa. Ba eja, ba kgora, mme ba atleha, ba atleha, ba phela ka boiketlo, tse molemo tsa hao tsa ba thabisa.


Eo o tla phela ka boiketlo, lefatshe e tla ba lefa la ditloholo tsa hae.


ba tle ka baka la dibe tsa bona. Ha re imetswe ke melato, wena o a re tshwarela.


Mohla tsatsi leo, le tla re: “Lebohang Morena, le mo rapele, phatlalatsang mesebetsi ya hae hara ditjhaba, le bolele hore bitso la hae le leholo.


Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.


Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso.


Ba tla tla ba bine ba le hodima Sione, ba thabele bongata ba dimpho tsa Morena, e leng koro le veine le ole, le dikonyana, le dipotsanyane le manamane. Ba tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, ba ke ke ba hlola ba eba le mahlomola.


Baprista ke tla ba fepa, ke ba fepe ka tse manoni, tjhaba sa ka se atelwe ke dimpho tsa ka tse ngata,” ho rialo Morena.


Ba tla kgahleha, ba be batle hakaakang! Koro e tla matlafatsa bahlankana, veine e ntjha e matlafatse barwetsana.


Kapa o nyedisa boholo ba mosa wa hae, le ba boiphapanyo ba hae, le ba mamello ya hae, hobane o sa tsebe hore mosa wa Modimo o o isa pakong?


Hape o ne a rata ho tsebahatsa boholo ba tlotla ya hae hodima dibopuwa tse hauhetsweng, tseo a di lokiseditseng tlotla e sa le pele;


“Ke tla phatlalatsa lebitso la Morena; lona le thoholetse boholo ba Modimo wa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ