Motsheare Morena o ne a ba eteletse pele ka leru le lopaletseng, ho ba bontsha tsela; bosiu ka kganare ya mollo, ho ba bonesetsa, hore ba tsebe ho tsamaya bosiu le motsheare.
Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”
matshwenyeho wohle a bona le yena a mo tshwenya. Hase lengeloi le ba pholositseng, ba pholositswe ke Morena ka seqo, ka lerato le ka mohau wa hae a ba lopolla; ho tloha kgale a ba nka, a ba a ba jara.
Morena o bua tjena: “Emang mateanong a ditsela le qamake, le botse: ‘Tsela ya kgale, e lokileng, e kae?’ Tsamayang ka yona, mme le tla fumana phomolo. Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra e tsamaya!’
Empa etlare ha le se le tshetse Jorodane, le se le ahile naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le ya lona, a se a le phomoditse direng tsohle tsa lona tse le potapotileng, le tla dula le sireletsehile.
Etlare ha Morena Modimo wa lona, a se a le phomoditse direng tsohle tsa lona tse le potapotileng, naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le lefa, hore e be ya lona, le fedise lebitso la Baamaleke lefatsheng. Le se ke la ba la lebala!”
Ha Morena a se a ahisitse bana babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba ena le naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neileng yona kamose wane ho Jorodane, ke hona he, e mong le e mong a ka kgutlelang naheng eo ke le neileng yona.’
Morena a ba nea phomolo hohle, ho ya ka tsohle tseo a neng a di hlapanyetse bo-ntata bona, mme ha se ke ha eba le ya mong wa dira tsa bona ya emang kapele ho bona. Morena a neelana ka dira tsa bona matsohong a bona.
Morena Modimo wa lona, o phomoditse bana babo lona jwalokaha a ne a ba tshepise; ka baka leo, kgutlang, le boele ditenteng tsa lona mose ho Jorodane, naheng ya lona, eo Moshe mohlanka wa Morena, a neng a le nee yona.
Ha ho se ho fetile nako e telele Morena a phomoditse Baiseraele dintweng tsa bona le ho dira tsohle tsa bona tse neng di ba potapotile, Joshua a nna a tsofala, dilemo tsa hae tsa nna tsa ya.