Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 32:28 - BIBELE

28 Bara ba Levi ba etsa jwalokaha Moshe a boletse. Ka letsatsi leo ha eshwa batho ba ka bang dikete tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Bara ba Levi ba etsa ka polelo ya Moshe, mme tsatsing leo ha eshwa batho ba batlileng ho etsa kete tse tharo hara setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 32:28
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Modimo wa rona, o nnile wa ba araba, wa ba Modimo ya ba tshwarelang, ya mpang a ba otla ka baka la bokgopo ba bona.


Jwale a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Motho ka mong a nke sabole ya hae, a kene ka monyako ona, a tswe ka monyako wane, diahelong tsohle, a bolaye ngwanabo, a bolaye motswalle wa hae, a bolaye le ya ahelaneng le yena.’ ”


Yaba Moshe o re: “Kajeno le ikgethetse ho sebeletsa Morena, kaha motho ka mong a bolaile mora wa hae, a bolaile le ngwanabo, e le hore kajeno le tle le hlohonolofatswe.”


Jwale Morena a otla setjhaba, hobane se ne se ile sa re Arone a se etsetse namane.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone, sa re: “Le bolaile batho ba Morena.”


Ha Finiase, mora wa Eleasare, setloholo sa moprista Arone, a bona hona, a ema, a tloha hara phutheho eo. A nka lerumo ka letsoho la hae,


Ha e le metse ya lefa la bana ba Iseraele, eo o tla e abela Balevi, o tla nka e mengata ho ba leng bangata, o nke e mmalwana ho ba leng mmalwana. Morabe o mong le o mong o tla nea Balevi metse ya wona ho lekana lefa leo o le fumaneng.”


Re se ke ra etsa bohlola, jwalokaha ba bang ba bona ba ile ba bo etsa, mme ka letsatsi le le leng ha ketoha ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro.


A bua ka mmae le ntatae, a re: “Ha ke eso mmone le ho mmona!” Esita le bana babo a ba latola, le bana ba hae a se ke a ba tseba. Ba hlokometse lentswe la hao, selekane sa hao ba se boloka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ