Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 31:6 - BIBELE

6 Ke mo neile le Oholeabe, mora wa Ahisamake, wa leloko la Dane. Bohle ba bohlale ke ba file tsebo, mme ba tla etsa tsohle tseo ke ba laetseng tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Bona, ke beile le Oholiabe, mora Akisamake, wa leloko la Dane; hape ke kentse bohlale pelong tsa batho bohle ba masene, hore ba sebetse tsohle tsee ke o laetseng tsona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 31:6
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke o etsetsa jwalokaha o kopile. Ke o nea bohlale, le kutlwisiso, tseo ho seng motho ya kileng a ba le tsona, mme ho seng ya tla ke a be le tsona.


O tla buisana le bohle ba bohlale, bao ke ba hlalefisitseng, mme ba tla etsetsa Arone diaparo ho mo halaletsa, hore a tle a ntshebeletse e le moprista.


le ho betla majwe a tla kenngwa mekgabisong, le ho betla dithupa, le ho etsa mesebetsi yohle.


“ ‘Bohle ba bohlale hara lona ba ke ba tle, ba tlo etsa tsohle tseo Morena a di laetseng:


Yena le Oholeabe, mora wa Ahimasake, wa leloko la Dane, ba neilwe bohlale ba ho ruta.


Morena o ba neile dipelo tse bohlale, ba tle ba etse mesebetsi yohle ya bolala, le mesebetsi yohle e etswang ke ditsebi, le ya dihomi tsa masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene; le mesebetsi ya dilohi. Bana ke ditsebi tsa mesebetsi ena yohle, le diradi tsa ditshwantsho tsa mesebetsi.


Moshe a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, a re: “Sena ke seo Morena a se laetseng, a re:


Banna bohle ba bohlale hara basebetsi ba etsa Leaho ka masira a leshome, a lesela la lene, a loehileng, le a maputswa, le a perese, le a mafubedu, mme sehomi sa setsebi sa homa ditshwantsho tsa dikerubime ho wona.


O ne a thuswa ke Oholeabe, mora wa Ahisamake, wa leloko la Dane. Oholeabe e ne e le lelala, le setsebi sa mesebetsi; le sehomi se homang masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lene, a loehileng.


Arone le Moshe ke bona bao Morena a neng a re ho bona: “Ntshang bana ba Iseraele naheng ya Egepeta, ho ya ka mabotho a bona.”


Kamora tsena Morena a kgetha ba bang ba mashome a supileng a metso e mmedi, a ba roma ka bobedi ho mo etella pele motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng moo a neng a hopotse ho ya teng.


Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.”


Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ