Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 31:18 - BIBELE

18 Modimo ha a qeta ho bua ho Moshe a le thabeng ya Sinai, a mo nea matlapa a mabedi a ngotsweng Molao, matlapa a ngotsweng ka monwana wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Eitse hobane Modimo o qetelle ho bua le Moshe, thabeng ya Sinai, wa mo nea matlapa a mabedi a bopaki, matlapa a majwe a ngodilweng ka monwana wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 31:18
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale moprista Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, a mo rwesa mofapahlooho, a mo nea le Buka ya Molao. Yaba Jowashe o a tlotswa, o etswa kgosi. Setjhaba sa opa mahofi, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!”


Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna mona, thabeng, mme o dule teng. Ke tla o nea matlapa a lejwe, a ngotsweng Molao, le ditaelo tseo ke di ngotseng, ho ruta Baiseraele.”


Yaba Moshe o kena kahara leru, o nyolohela thabeng. Moshe a qeta matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ntse a le thabeng.


Dingaka tsa re ho Faro: “Hona ke monwana wa Modimo.” Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, mme a se ke a ba a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boletse.


“Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ke sena,” ho rialo Morena. “Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Empa haeba ke leleka bademona ka Moya wa Modimo, ruri Mmuso wa Modimo o fihlile ho lona.


Empa ha ke leleka bademona ka monwana wa Modimo, ruri Mmuso wa Modimo o fihlile ho lona.


Ho pepenene hore lona le lengolo la Kreste, le beilweng matsohong a rona, le ngotsweng ka Moya wa Modimo ya phelang, e seng ka enke; le ngotsweng matlapeng a dipelo tsa nama, e seng matlapeng a lejwe.


Jwalokaha a ne a ngole pele hodima matlapa ao, Morena a ngola melao e leshome, eo Morena a neng a le bolelle yona thabeng, a le kahara mollo, mohla le neng le phuthehile. Morena a nnea melao eo.


“O ile a le phatlalletsa selekane sa hae, seo a ileng a le laela ho se phetha; e leng Melao e leshome, eo a ileng a e ngola hodima matlapa a mabedi.


“Tsena ke dipolelo tseo Morena a ileng a di bolella setjhaba sohle sa lona, a le hodima thaba, kahara mollo, le kahara leru, le kahara lefifi la bokantjana, a bua ka lentswe le matla. Yaba o kgaotsa ho bua, o di ngola hodima matlapa a mabedi, o nnea tsona.”


Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ