Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 31:17 - BIBELE

17 Ke sesupo sa mehla yohle pakeng tsa ka le bana ba Iseraele, hobane Morena o ile a etsa lehodimo le lefatshe ka matsatsi a tsheletseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola, a ka a re kgefu!’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ke pontsho ya kamehla mahareng a ka le bana ba Iseraele; hobane ka matsatsi a tsheletseng, Jehova o entse mahodimo le lefatshe, mme ka la bosupa o phomotse, a kgatholoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 31:17
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Modimo a tadima tsohle tseo a di entseng, mme a bona hore di ntle haholo. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la botshelela.


mohla bo-Mphatlalatsane ba binang ba le mmoho, mangeloi wohle a howa ka thabo?


Tlotla ya Morena e nne e be teng, e be teng kamehla yohle, Morena a ke a thabele mesebetsi ya hae;


Ka matsatsi a tsheletseng Morena o ile a etsa lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena Morena o ile a hlohonolofatsa letsatsi la Sabatha, a le halaletsa.


“Wena o bue le bana ba Iseraele, o re: ‘Ruri le tla boloka Disabatha tsa ka, hobane ke sesupo pakeng tsa ka le lona, le meloko yohle ya lona, hore le tsebe hore ke nna Morena, mohalaletsi wa lona.


Bana ba Iseraele, ba meloko yohle ba tla boloka letsatsi la Sabatha, ba hlokomele letsatsi la Sabatha, e le selekane sa mehla yohle.


“Haeba o sa nke maeto ka tsatsi la Sabatha, o sa phethe merero ya hao ka tsatsi la ka le halalelang; haeba o bitsa Sabatha letsatsi la thabo, o re ke la Morena le halalelang, le hlomphehang; haeba o le hlompha ka ho se etse mesebetsi ya hao, o sa phethe merero ya hao, o sa bue mafeela;


Ke tla thabiswa ke ho se etsetsa tse molemo. Ke tla se tsitsisa naheng ena ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.


Ka ba nea le Disabatha tsa ka hore e be sesupo pakeng tsa ka le bona, ba tle ba tsebe hore ke nna Morena ya ba halaletsang.


Halaletsang Disabatha tsa ka, hore e tle e be sesupo pakeng tsa ka le lona. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.”


hobane ya keneng phomolong ya hae le yena o phomotse mesebetsing ya hae, jwalokaha Modimo le yena a ne a phomole ho ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ