Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 31:14 - BIBELE

14 “ ‘Jwale le tla hlompha letsatsi la Sabatha, hobane le a halalela ho lona; ba le hlomphollang, ruri ba tla bolawa. Bohle ba etsang mesebetsi ka letsatsi leo, ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Le boloke tsatsi la Sabatha, hobane, ho lona e tla ba le kgethehileng; ya le hlomphollang a bolawe; hobane ekare ha e mong a ka etsa mosebetsi tsatsing leo, motho eo a ke a kgaolwe tjhabeng sa habo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 31:14
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa ba ruta Sabatha se halalelang sa hao, ka mohlanka wa hao Moshe wa ba beela melao, le ditaelo, le dikahlolo.


“Hlokomela letsatsi la Sabatha, o le halaletse.


Motho ya ka etsang e jwaloka yona, kapa a e nea motho eo e seng moprista, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.’ ”


Motho ya ka etsang o kang wona, hore a utlwe monko wa wona o monate, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.”


Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke la Sabatha, la ho phomola, mme le a halalela ho Morena. Bohle ba ka etsang mesebetsi ka letsatsi la Sabatha, ruri ba tla bolawa.


Ke kahobane ba nyedisitse melao ya ka, ha ba a ka ba boloka ditaelo tsa ka, ba silafaditse Disabatha tsa ka, mme dipelo tsa bona di hapilwe ke medingwana ya bohata.


“ ‘Empa le bana ba bona ba mphetohetse: Ha ba a ka ba tsamaya ka ditaelo tsa ka, ha ba a ka ba hlokomela ho mamela melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Ba silafaditse le Disabatha tsa ka. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona hona moo lehwatateng.


hobane ha ba a ka ba phetha melao ya ka, ba nyedisitse ditaelo tsa ka, ba silafatsa Disabatha tsa ka, ba sebeletsa medingwana ya bo-ntata bona ya bohata.


“ ‘Nyeweng e nngwe le e nngwe baprista e tla ba bona baahlodi, mme ba tla diha nyewe ho ya ka melao ya ka. Ba tla boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka diphuthehong tsohle, ba halaletse Disabatha tsa ka.


“Ona ke molao wa mehla yohle ho lona: Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, le tla itima dijo, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, e ka ba motho wa letswallwa, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona.


Ha motho a bolotswa ka Sabatha hore Molao wa Moshe o se ke wa fediswa, keng ha le nkgalefela kahobane ke fodisitse motho kahohlehohle ka Sabatha?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ