Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 30:35 - BIBELE

35 Ka tsona o tle o etse mokubetso o tswakilweng jwaloka setlolo se tswakilweng ke setsebi sa ditlolo; o nokilweng ka letswai le hlwekileng, o halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 o di etse dibano tse monko o monate, ka mokgwa wa motswaki wa tse monko o monate, di be letswai, hape e be tse hlwekileng, tse kgethehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 30:35
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moprista Sadoke a nka lenaka la ole ka Tenteng, a tlotsa Solomone. Ba letsa lenaka, mme setjhaba sohle sa howa, sa re: “Kgosi Solomone a ke a re phelele!”


Ba bang ba bara ba baprista ba ne ba etsa ditlolo ka dinoko.


Ho jwaloka ole ya bohlokwa, ole e tlotsang hlooho, e keleketlelang ditedung, ditedung tsa Arone, e lepellelang molaleng wa seaparo sa hae.


Tsena o di apese moholwane wa hao Arone le bara ba hae; o ba bee ka ho ba tlotsa ka ole, o ba halaletse, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


Ka tsena o etse ole e halalelang ya ho tlotsa, e tswakilweng ke setsebi. E tla ba yona ole e halalelang, e tlotsang.


Morena a re ho Moshe: “Inkele dinoko tsena tse monko o monate ka ditekanyo tse lekanang: setoraka, le dikgetla tse monko o monate, le kalabanumu e monko o monate, le mokubetso o hlwekileng.


O mong wa wona o o sile, o thumisehe; o o bee kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, ka Tenteng ya Morena, moo ke kopanang le wena teng. Ho lona mokubetso oo o tla halalela ka ho fetisisa.


Ditlolo le menkwane di thabisa pelo ya motho, keletso e ntle ya motswalle le yona e thabisa jwalo.


Menkwane ya ditlolo tsa hao e nkga hamonate, bitso la hao le ka setlolo ha se qhatsitswe, hase feela barwetsana ba o dumang!


Elwa ya hlahang lehwatateng ke mang, ya kang mosi o lopaletseng, ya noneditsweng ka mmira le mokubetso, tse tswakilweng ka dinoko tsohle tsa kgwebo?


O tla nka sekubetsa se tletseng mashala a hlenneng, se hodima aletare e kapele ho Morena. A ngwathe mokubetso o silehileng, o monko o monate, a o tlatse matsoho a hae, a o ise kamora lesira.


Nyehelo e nngwe le e nngwe ya hao, ya dijo, o e noke ka letswai. Letswai, e leng selekane se pakeng tsa hao le Modimo wa hao, le se ke la eba siyo nyehelong ya hao ya dijo; dinyehelo tsohle tsa hao di nokwe.


Maria a nka halofo ya lethara ya setlolo sa nareda ya sebele, ya bohlokwa, a tlotsa maoto a Jesu, a mo hlakola maoto ka moriri wa hae, mme ntlo ya tlala monko wa setlolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ