Moya wa Morena Modimo o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba swabileng, ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le hore ba tjhankaneng ba tla lokollwa;
O no tlotswe, wa ba kerubime e sireletsang, nna ka seqo, ke o beile jwalo. O no le thabeng ya Modimo, thaba e halalelang, o tsamaya hara majwe a phatsimang sa malakabe.
“Bua le bana ba Iseraele, mme o nke molamu o le mong lapeng le leng le le leng la bo-ntata bona, le ho mahosana wohle a bona, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E be melamu e leshome le metso e mmedi, o ngole lebitso la monna e mong le e mong hodima molamu wa hae.
Ka letsatsi leo Moshe a qetileng ho hloma Tente ya Morena ka lona, a e tlotsa, a e halaletsa hammoho le dijana tsohle tsa yona; le aletare, le dijana tsohle tsa yona, le tsona a di tlotsa, a di halaletsa.
kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.
Empa lona le amohetse Moya o Halalelang ho yena, o ntseng o phela ka ho lona, mme ha le hloke ho rutwa ke mang kapa mang. Erekaha Moya o Halalelang o le ruta tsohle, e leng nnete, e seng leshano, phelang ka ho Kreste, jwalokaha Moya o le rutile.