Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 30:25 - BIBELE

25 Ka tsena o etse ole e halalelang ya ho tlotsa, e tswakilweng ke setsebi. E tla ba yona ole e halalelang, e tlotsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ka tseo, o tla etsa ole ya setlolo e kgethehileng, tswako e monko o monate, e entsweng ka mokgwa wa motswaki wa tse nkgang hamonate. E tla ba ole ya setlolo e kgethehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 30:25
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moprista Sadoke a nka lenaka la ole ka Tenteng, a tlotsa Solomone. Ba letsa lenaka, mme setjhaba sohle sa howa, sa re: “Kgosi Solomone a ke a re phelele!”


Ba bang ba bara ba baprista ba ne ba etsa ditlolo ka dinoko.


Ho jwaloka ole ya bohlokwa, ole e tlotsang hlooho, e keleketlelang ditedung, ditedung tsa Arone, e lepellelang molaleng wa seaparo sa hae.


Wa na wa bua le batshepuwa ba hao, wa bua le bona ka pono, wa re: “Ke thusitse mohale, ka phahamisa ya kgethilweng, ya kgethilweng hara setjhaba.


Tsena o di apese moholwane wa hao Arone le bara ba hae; o ba bee ka ho ba tlotsa ka ole, o ba halaletse, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


O tla nka madi a mang a aletareng, le ole e tlotsang, ebe o foka Arone le diaparo tsa hae; o foke le bara ba hae le diaparo tsa bona. Kahoo Arone le bara ba hae ba tla halalela, hammoho le diaparo tsa bona.


O nke ole ya ho tlotsa, o e tshele hodima hlooho ya hae, ebe o a mo tlotsa.


le kasia eo boima ba yona e leng dikilo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong; le dilethara tse nne tsa ole ya sefate sa mohlwaare.


E se ke ya ba ya tshelwa mmeleng wa motho, mme le se ke la ba la iketsetsa e tshwanang le yona ka metswako. E a halalela, mme le ho lona e halalele.


Ka tsona o tle o etse mokubetso o tswakilweng jwaloka setlolo se tswakilweng ke setsebi sa ditlolo; o nokilweng ka letswai le hlwekileng, o halalelang.


le aletare ya mokubetso, le mefeng ya yona, le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate, le lesira la monyako, le monyakong wa Leaho;


A etsa ole e tlotsang, e halalelang, le mokubetso o monko o monate, jwalokaha ho etsa setsebi se tswakang ditlolo.


“O tla nka ole e tlotsang, o tlotse Leaho le tsohle tse kahara lona, o le halaletse hammoho le tsohle tsa lona, mme le tla halalela.


Jwalokaha ntsintsi tse shweleng di nkgisa menkwane, bothotwana le bona bo senya bohlale le botumo.


Yaba Moshe o nka ole e tlotsang, o tlotsa Tente ya Morena, le tsohle tse neng di le ka ho yona, mme a di halaletsa.


“Nka Arone le bara ba hae, le diaparo, le ole e tlotsang, le pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le dipheleu tse pedi, le seroto sa bohobe bo sa lomoswang.


Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi a tsholotsweng, e mmusetse motseng oo ho tshabelwang ho wona, moo a neng a balehetse teng. Mmolai eo o tla dula motseng oo ho fihlela Moprista e Moholo, ya neng a tlotsitswe ka ole e halalelang, a eshwa.


O rata ho loka, o hloile bokgopo; kahoo Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo, ho ena le balekane bohle ba hao.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ