Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 30:15 - BIBELE

15 Ha le ntshetsa Morena seabo se lopollang bophelo ba lona, morui a se ke a ntsha ho feta dikeramo tse hlano le halofo, le mofutsana a se ke a ntsha katlase ho dikeramo tse hlano le halofo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Morui a se ke a eketsa, mme mofutsana a se ke a fokotsa halofo ya shekele ka letho, ha ho ntshwa kabelo e newang Jehova, ho etsa topollo ya meya ya lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 30:15
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Davida o bitsa Bagibeone, o re ho bona: “Ke le etsetse eng? Tefelo nka e etsa ka eng, e le hore le tle le hlohonolofatse setjhaba seo e leng lefa la Morena?”


Ha a ye ka leeme ha a sebeletsa babusi, morui le mofutsana ke ditshwantshwang ho yena, kahoba bohle ke mmopo wa matsoho a hae.


“Ha o bala bana ba Iseraele hore ba tle ba ngodiswe, motho ka mong wa bona a ntshetse Morena seabo se lopollang bophelo ba hae, hore a se ke a welwa ke sewa ha ba ntse ba ngodiswa.


E mong le e mong ya kenang sehlopheng sa ba ngodisitsweng, ho tloha ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, o tla fana ka seabo ho Morena.


O tla bokella tjhelete ena ya topolla ya bophelo, e ntshwang ke bana ba Iseraele, mme o e sebedise mererong ya Tente ya Morena; e tla ba eo Morena a tla hopola bana ba Iseraele ka yona, mme a lopolle bophelo ba lona.”


Motho ka mong wa ba badilweng, ho qala ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, a ntsha keramo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Palo ya ba ntshitseng ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro, le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.


Morui le mofutsana ba tshwana ka sena: Bobedi ba bona ba bopilwe ke Morena.


“ ‘Setjhaba sohle sa naha se tla etsetsa kgosana ya Iseraele nyehelo ena.


Kahobane bophelo ba ntho bo mading, madi ana ke le neile wona hore le iketsetse tefelo ya sebe ka wona aletareng; ke madi a etsetsang motho tefelo ya sebe.


Re tlisitse dinyehelo tsa Morena, tseo e mong le e mong a di fumaneng, tsa dintho tse entsweng ka kgauta; dithotho tsa maqaqailana, le dipetja, le direng, le masale, le meqhalaphofo, ho tla iketsetsa tefelo ya sebe kapele ho Morena.”


Le lona beng ba makgoba, le a etse jwalo, le sa a sokele. Tsebang hore lona le wona le na le Morena a le mong mahodimong, ya sa yeng ka tshobotsi.


Ha e le ya etsang ho sa lokang, o tla amohela moputso wa ho se loke, kaha Modimo ha a ye ka tshobotsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ