Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 30:14 - BIBELE

14 E mong le e mong ya kenang sehlopheng sa ba ngodisitsweng, ho tloha ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, o tla fana ka seabo ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Mang le mang ya balwang, ho tloha ho ya dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele, o tla ntsha kabelo e abelwang Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 30:14
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba tla fana ka hona: bohle ba fetelang sehlopheng sa ba seng ba ngodisitswe, ba tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo motho ka mong, ho ya kamoo e balwang kateng Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; jwale dikeramo tse hlano le halofo e tla ba seabo se ntshetswang Morena.


Ha le ntshetsa Morena seabo se lopollang bophelo ba lona, morui a se ke a ntsha ho feta dikeramo tse hlano le halofo, le mofutsana a se ke a ntsha katlase ho dikeramo tse hlano le halofo.


“ ‘Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; digera tse sekete le makgolo a mabedi ke mina e le nngwe.


“ ‘Setjhaba sohle sa naha se tla etsetsa kgosana ya Iseraele nyehelo ena.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, ba kgobokanya setjhaba sohle. Monna e mong le e mong, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, a bolela lebitso la hae le leloko la hae, ho ya ka morabe wa hae le lelapa la hae.


Ha balwa bana ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


Wena le Arone le bale banna bohle bao e ka bang bahlabani ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo; le ba bale ka mabotho a bona.


Ditopo tsa lona di tla rapalla lehwatateng lena; lona bohle ba badilweng ha ho balwa setjhaba, bohle ba dilemo di mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ileng ba nkorotlela;


“Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ka malapa abo bona, ho tloha ka ba nang le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, bohle bao e ka bang bahlabani ba Iseraele.”


‘Ruri, banna bohle bao ke ba nyolotseng Egepeta, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ke ke ba bona naha eo ke neng ke e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo, hobane ha ba a ntatela ka botshepehi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ