Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:42 - BIBELE

42 “Sehlabelo sena sa setjheso se tla nne se etsetswe Morena kamehla yohle, ho isa melokong ya lona e tlang; se etsetswe monyakong wa Tente ya Morena, moo ke tla kopana le wena, ke be ke bue le wena hona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 E tla ba sona setjheso sa kamehla sa meloko yohle ya lona, se hlahiswang monyako wa tente ya pokano pela Jehova, moo ke tla teana le lona, hore ke tle ke bue le wena teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:42
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla kopana le wena hona moo, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, pakeng tsa dikerubime tse pedi, tse hodima areka ya selekane. Ke tla o nea melao yohle ya bana ba Iseraele.”


Ka Tenteng ya Morena, feela ka kwano ho lesira le siretseng areka ya selekane, Arone le bara ba hae ba tla hotetsa lebone kapele ho Morena; lebone leo le tuke ho tloha ka shwalane ho fihlela hoseng. Hona e tla ba molao o tla bolokwa kamehla yohle ke meloko yohle ya bana ba Iseraele.”


Konyana ya bobedi o tla nyehela ka yona mantsiboya, mme nyehelo ya dijo le ya dino e be jwaloka ya hoseng; e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Ke tla kopana le bana ba Iseraele hona teng, mme Tente ena ya Morena e tla halaletswa ke tlotla ya ka.


O mong wa wona o o sile, o thumisehe; o o bee kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, ka Tenteng ya Morena, moo ke kopanang le wena teng. Ho lona mokubetso oo o tla halalela ka ho fetisisa.


Moshe o ne a ye a nke Tente, ebe o e hloma kathoko ho diahelo, hojana le tsona, mme a e bitse Tente ya Morena. Jwale bohle ba neng ba batla ho tseba thato ya Morena, ba ne ba ye ba ye Tenteng eo, e leng Tente ya Morena, e neng e le kathoko ho diahelo.


Ha monna eo a ntse a eme pela ka, ka utlwa e mong a bua le nna a le ka Tempeleng.


Ka mokgwa o jwalo hoseng ho hong le ho hong ho tla etswa nyehelo ya konyana, le ya dijo, le ya ole, e le nyehelo ya setjheso ya kamehla yohle.’ ”


Melamu ena o e bee ka Tenteng ya Morena, kapele ho areka ya selekane, e leng moo ke kopanang le wena teng.


Nyehelo ya seno e tsamayang le konyana ya pele e tla ba lethara e le nngwe ya veine e bohale, tseo o tla di qhatsetsa Morena ka Sehalalelong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ