Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:29 - BIBELE

29 “Diaparo tsa Arone tse halalelang e tla ba tsa bara ba hae kamora lefu la hae, e le hore ba tle ba di apare ha ba tlotswa, ba halaletswa hore e be baprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Diaparo tse kgethehileng tsa Aarone e tla ba tsa bara ba hae, ha a se a le siyo, hore ba tle ba di apare mohla ba tlotswang, le mohla ba kgethelwang boprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:29
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na hase lona ba lelekileng baprista ba Morena, e leng bara ba Arone, le Balevi, mme la itlhomamisetsa baprista, ho latela mekgwa ya ditjhaba tsa dinaha tse ding? E mong le e mong ya tlang a qhoba pohwana le dipheleu tse supileng, le mo etsa moprista wa medimo eo ya bohata.


O etsetse moholwane wa hao Arone diaparo tse halalelang, tsa hlompho le bokgabane.


Hona e tla ba molao wa mehla yohle, o tlamang bana ba Iseraele ho fana ka seabo ho Arone le ho bara ba hae. E tla ba seabo se tswang ho bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho, e leng seabo se etsetswang Morena.


Mora wa hae ya tla mo hlahlama setulong sa boprista, mme a kena ka Tenteng ya Morena ho sebeletsa, o tla apara diaparo tsena ka matsatsi a supileng.


“O tlotse Arone le bara ba hae, mme o ba halaletse hore e tle e be baprista ba ka.


O tla ba tlotsa jwalokaha o ile wa tlotsa ntata bona, mme ba tla ntshebeletsa e le baprista ba ka. Ho tlotsetswa boprista e tla ba ha mehla yohle, ho ya fihla ditloholong tsa bona.”


Moprista ya tlotsitsweng, ya halaleditsweng hore e be moprista sebakeng sa ntatae, o tla etsa tefelo ya sebe. O tla apara diaparo tse halalelang, tse entsweng ka lesela la lene.


Morena a re ho Arone: “Bona, o tla hlokomela dinyehelo tsa ka; ke o neile dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, e le seabo sa hao le sa bara ba hao. Hona ke taelo ya mehla yohle.


Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi a tsholotsweng, e mmusetse motseng oo ho tshabelwang ho wona, moo a neng a balehetse teng. Mmolai eo o tla dula motseng oo ho fihlela Moprista e Moholo, ya neng a tlotsitswe ka ole e halalelang, a eshwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ