Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:26 - BIBELE

26 O tla nka sefuba sa pheleu ena ya kgalaletso ya Arone, o nyehele ka sona ka ho se akgotsa kapele ho Morena, mme e tla ba seabo sa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 O tla nka sefuba sa pheleu ya peo ya Aarone, mme o tla se tsokotsa pela Jehova, e le seabelo se tsokotswang; etlaba seabo sa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:26
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moshe le Arone e ne e le ba bang ba baprista ba hae, Samuele e le e mong wa ba rapelang lebitso la hae. Ba ipiletsa ho Morena, mme a ba araba,


“O tla halaletsa sefuba seo o nyehelang ka sona, le sephaka seo sa seabo, e leng tse tswang pheleung ya kgalaletso ya Arone le ya bara ba hae.


“Moprista o tla nka e nngwe ya dikonyana tse tona, a nyehele ka yona, e le nyehelo e tlosang molato, hammoho le ole e ka etsang halofo ya lethara; a di akgotse e le nyehelo e akgoletswang Morena.


O tla tlisetsa Morena nyehelo ya setjheso ka matsoho a hae; o tla tlisa mafura le sefuba hore a tle a se akgotse kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang.


Moprista o tla tjhesetsa mafura ao hodima aletare, empa sefuba e tla ba sa Arone le bara ba hae.


Sehlabelong sa nyehelo ya teboho, ya bana ba Iseraele, ke nkile sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, ke di neile moprista Arone le bara ba hae; ke molao wa mehla yohle.’ ”


Moshe a nka sefuba, a se akgotsa e le nyehelo e akgoletswang Morena. Ya eba seabo sa Moshe se tswang pheleung ya kgalaletso, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Empa difuba le serope sa letsoho le letona Arone a di akgotsa pela Morena, e le nyehelo e akgotswang, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ