Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:21 - BIBELE

21 O tla nka madi a mang a aletareng, le ole e tlotsang, ebe o foka Arone le diaparo tsa hae; o foke le bara ba hae le diaparo tsa bona. Kahoo Arone le bara ba hae ba tla halalela, hammoho le diaparo tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 O ntoo nka madi a aletareng, le ole ya setlolo; o fafatse Aarone le diaparo tsa hae, le bara ba hae le diaparo tsa bona, hammoho le yena; etlaba o kgethehile, yena le diaparo tsa hae, hammoho le bara ba hae le diaparo tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:21
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho jwaloka ole ya bohlokwa, ole e tlotsang hlooho, e keleketlelang ditedung, ditedung tsa Arone, e lepellelang molaleng wa seaparo sa hae.


“Sena ke seo o tla se etsa ho Arone le ho bara ba hae, ha o ba halaletsa, hore e tle e be baprista ba ka. Nka pohwana e le nngwe, le dipheleu tse pedi, tse se nang sepha;


O tla hlaba peleu eo; o nke madi a mang a yona, o tlotse ntlha ya tsebe ya Arone ya letsoho le letona; le dintlha tsa ditsebe tsa bara ba Arone tsa matsoho a matona; le hodima menwana e metona ya matsoho a bona a matona; le hodima menwana e metona ya maoto a bona a matona, mme ka madi a mang o foke aletare ho e potapota.


“O tla nka mafura a pheleu, le mafura a mohatla wa yona, le mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, mmoho le tshotso ya tsona, le sephaka sa letsoho le letona, hobane ena ke pheleu ya mokete wa kgalaletso.


O nke ole ya ho tlotsa, o e tshele hodima hlooho ya hae, ebe o a mo tlotsa.


Ka ole yohle e setseng ka seatleng sa hae, moprista o tla tlotsa hlooho ya motho eo ya hlwekiswang, hore a mo etsetse tefelo ya sebe ho Morena.


Sena ke seabo sa Arone le bara ba hae, se tswang dinyehelong tsa setjheso sa Morena, seo ba se abetsweng ho tloha mohla ba halaletswang hore e be baprista ba Morena.


A e hlaba, mme a nka madi a mang a yona, a tlotsa ntlha ya tsebe ya Arone ya letsoho le letona, le monwana o moholo wa letsoho la hae le letona, le monwana o moholo wa leoto le letona.


Jwale Moshe a nka ole a tlotsang, le a mang a madi a neng a le hodima aletare, mme ka wona a foka Arone le diaparo tsa hae, le bara ba hae, le diaparo tsa bona. Yaba o halaletsa Arone le diaparo tsa hae, le bara ba hae le diaparo tsa bona.


mme ke ikgalaletsa ka baka la bona, hore le bona ba halaletswe nneteng.


Ha le nahana, kotlo e tla ba boima hakaakang, e lokelang ya hataketseng Mora wa Modimo, ya tlontlolotseng madi a selekane ao a hlwekisitsweng ka wona, ya nyefotseng Moya wa Modimo o mohau!


Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ