Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:20 - BIBELE

20 O tla hlaba peleu eo; o nke madi a mang a yona, o tlotse ntlha ya tsebe ya Arone ya letsoho le letona; le dintlha tsa ditsebe tsa bara ba Arone tsa matsoho a matona; le hodima menwana e metona ya matsoho a bona a matona; le hodima menwana e metona ya maoto a bona a matona, mme ka madi a mang o foke aletare ho e potapota.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 o hlabe pheleu, o nke madi, mme ka wona o tlotse ntlha ya tsebe e tona ya Aarone, le dintlha tsa tsebe tse tona tsa bara ba hae, le menwana e metona ya matsoho a bona a matona, le menwana e metona ya maoto a bona a matona; madi a mang o a tshollele aletareng ka nqa tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:20
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Jwale o nke pheleu ya bobedi, Arone le bara ba hae ba bee matsoho a bona hodima hlooho ya yona.


O tla nka madi a mang a aletareng, le ole e tlotsang, ebe o foka Arone le diaparo tsa hae; o foke le bara ba hae le diaparo tsa bona. Kahoo Arone le bara ba hae ba tla halalela, hammoho le diaparo tsa bona.


Morena Modimo o nthibolotse ditsebe, ha ke a ka ka hanyetsa, kapa ka tjhetjha ka santhao.


Empa tjhaba tse ngata di tla mo makalla, kgosi di fetohe dimumu kapele ho yena, hobane di tla be di bona seo di esong ho se bolellwe, seo di esong ho se utlwe, di tla se utlwisisa.


Moprista o tla nka madi a mang a nyehelo e tlosang molato, mme ka wona a tlotse ntlha ya tsebe ya letsoho le letona ya motho eo ya tlilo hlwekiswa, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la letsoho le letona.


a ine monwana wa hae wa bosupa ka oleng eo, mme ka yona a foke hasupa kapele ho Morena.


Ka ole e setseng ka seatleng sa hae, moprista o tla tlotsa ntlha ya tsebe ya letsoho le letona ya motho ya tlilo hlwekiswa, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la hae la letsoho le letona, a tlotse hodima madi a phoofolo ya nyehelo e tlosang molato.


O tla hlaba konyana ya nyehelo e tlosang molato, a nke a mang a madi a yona, mme ka wona a tlotse ntlha ya tsebe ya letsoho le letona la motho ya hlwekiswang, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la hae le letona.


Ka ole e nngwe e ka seatleng sa hae, moprista o tla tlotsa ntlha ya tsebe ya letsoho le letona ya motho eo ya hlwekiswang, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la letsoho la hae le letona; a tlotse hodima madi a phoofolo ya nyehelo e tlosang molato.


Moprista o tla foka motho eo ya hlwekiswang hasupa. O tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile. O tla tlohela nonyana e phelang hore e fofele naheng.


Ka madi a mang o tla foka hodima aletare hasupa, a e hlwekise, a e halaletse, hore a tlose ho se hlweke ha bana ba Iseraele ho ho yona.”


A e hlaba, mme a nka madi a mang a yona, a tlotsa ntlha ya tsebe ya Arone ya letsoho le letona, le monwana o moholo wa letsoho la hae le letona, le monwana o moholo wa leoto le letona.


Moshe a tlisa bara ba Arone, a nka madi, mme ka wona a tlotsa dintlha tsa ditsebe tsa bona tsa matsoho a matona, le hodima menwana e metona ya matsoho a bona a matona; le hodima menwana e metona ya maoto a bona a matona. Ka madi a mang Moshe a foka aletare ho e potapota.


Jesu a mo tlosa hara letshwele, a mo nkela thokwana, mme a kenya menwana ya hae ka ditsebeng tsa hae; a tshwela mathe, a ama leleme la hae.


Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng.


Le tlile ho Jesu, mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha, eo madi a hae a hlwekisang, a buang ka matla ho feta madi a Abele.


ba kgethilweng ka morero wa Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya o Halalelang, e le hore ba tle ba mamele Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae, ke re: Le ke le ekeletswe mohau le kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ