Eksoda 29:14 - BIBELE14 Ha e le nama ya pohwana ena, le letlalo la yona, le moswang wa yona, o tla di tjhesetsa kantle ho diahelo tsa lona. Hona ke sehlabelo se etsetswang tefelo ya sebe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)14 Haele nama ya poho, le letlalo la yona, le moswang wa yona, o di tjhese kantle ho diahelo; ke sehlabelo sa sebe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Bao e neng e le bathopuwa ba etsetsa Modimo wa Iseraele dinyehelo tsa setjheso ka dipohwana tse leshome le metso e mmedi, le ka dipheleu tse mashome a robong a metso e tsheletseng, le ka dikonyana tse mashome a supileng a metso e supileng, e le nyehelo ya Baiseraele bohle. Ba etsa le nyehelo ya sebe ka diphooko tse leshome le metso e mmedi. Tsena tsohle e ne e le nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena.