Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:13 - BIBELE

13 O tla nka mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, mmoho le tshotso ya tsona, o di tjhesetse hodima aletere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O ntoo nka mafura wohle a apesang mala, le maapara a hodima sebete, le diphio tse pedi, le mafura a tsona; o di tjheseletse aletareng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:13
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

dira di mpetletse meno, jwaloka tau tse purumang, tse harolang.


Le se ke la e ja e le tala, kapa e phehilwe ka metsi, empa kaofela ha yona e beswe mollong, mmoho le hlooho ya yona, le ditlhakwana tsa yona, le dikahare tsa yona.


Pheleu eo yohle o tla e tjhesetsa hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


“O tla nka mafura a pheleu, le mafura a mohatla wa yona, le mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, mmoho le tshotso ya tsona, le sephaka sa letsoho le letona, hobane ena ke pheleu ya mokete wa kgalaletso.


O tla boela o di nka matsohong a bona, mme o di tjhesetse aletareng, hodima sehlabelo sa setjheso se tjhesetswang Morena, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Morena o re: “Molemo wa mahlabelo a lona ho nna ke ofe, mahlabelo a lona a mangatangata? Ke tennwe ke nyehelo tsa lona tsa setjheso, ke tennwe ke mafura a dipheleu le a phoofolo tse nontshitsweng; ha ke thabele madi a dipohwana, le a dikonyana le diphooko.


Sabole ya Morena e kganathetse madi, mafura e a jele sa mpana-phatloha; e kganathetse madi a dikonyana le a dipodi, e kganathetse mafura a diphiyo tsa dipheleu. Morena o tla etsa sehlabelo, a se etse a le Bosera, Baedomo a ba bolaye, a ba etse mofela.


Ha o a nthekela hlaka le monko o monate, kapa wa nthabisa ka mafura a mahlabelo a hao. Empa o nkimeditse ka dibe tsa hao, wa ntena ka makgopo a hao.


Moprista o tla le tlisa aletareng, a le sothe molala, a tjhesetse hlooho ya lona hodima aletare. Madi a lona a dutlisetswe lehlakoreng la aletare.


Empa dikahare tsa yona le ditlhako tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle aletareng, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Mafura a nyehelo e tlosang sebe a a tjhesetse hodima aletare.


Moprista o tla foka aletare ya Morena, e monyakong wa Tente ya Morena, ka madi, mme a tjhese mafura e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena.


Mafura wohle a yona o tla a tjhesetsa aletareng, jwalokaha a etsa ka mafura a phoofolo ya sehlabelo sa teboho. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla etsetsa kgosana tefelo ya sebe sa yona mme e tla tshwarelwa.’ ”


O tla tlosa mafura wohle a yona jwalokaha ho tloswa mafura a phoofolo ya sehlabelo sa teboho, mme moprista a a tjhesetse aletareng e le sehlabelo se monko o monate, se amohelehang ho Morena. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ka baka la sebe, mme motho eo o tla thwarelwa.


O tla tlosa mafura wohle a yona jwalokaha ho tloswa mafura a konyana ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho, mme a a tjhesetse aletareng, hodima dinyehelo tse etsetswang Morena. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme motho eo o tla tshwarelwa.’ ”


Mollo o hodima aletare o tla nne o fepelwe, o se ke wa tima. Hoseng ho hong le ho hong moprista o tla eketsa patsi mollong, a lokise sehlabelo sa setjheso hodima aletare, mme a tjhese mafura a mahlabelo a teboho.


Ho tla nyehelwa ka mafura a yona wohle: mafura a mohatla, le mohlehlo.


Moprista o tla tjhesetsa mafura ao hodima aletare, empa sefuba e tla ba sa Arone le bara ba hae.


Diphiyo tse pedi, le tshotso ya tsona e mahlakoreng, le phapohane, e tla tloswa mmoho le diphiyo.


A nka mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, le tshotso ya tsona, a di tjhesetsa hodima aletare.


Jwale a nka mafura a pheleu, le mafura a mohatla wa yona, le mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, le tshotso ya tsona, le serope sa letsoho le letona.


Mafura, le diphiyo, le phapohane, e leng tsa nyehelo e tlosang sebe, a di tjhesetsa hodima aletare, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Mafura a pholo le a pheleu, mafura a mohatla, le mohlehlo, le tshotso ya diphiyo, le phapohane,


“Empa ha e le letsibolo la kgomo, kapa letsibolo la nku, kapa letsibolo la podi, wona ha o ka ke wa a lopolla, a a halalela. Ka madi a wona o foke hodima aletare. Mafura a wona, wona o a tjhesetse hodima aletare, e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena.


Haeba monna eo a ka re ho mohlanka: “Ako ba tlohele ba tjhese mafura pele, ebe jwale wena o nka kamoo o ratang kateng,” mohlanka wa moprista o ne a ye a re: “Tjhe, mphe yona hona jwale, ho seng jwalo ke tla inkela yona ka dikgoka.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ