Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:10 - BIBELE

10 “Jwale o tla tlisa pohwana kapele ho Tente ya Morena, ebe Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya pohwana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 O atametse pohwana pela tente ya pokano, mme Aarone le bara ba hae ba tla bea matsoho a bona hloohong ya poho;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:10
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla hlaba pohwana ena e le kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena.


“Jwale o nke pheleu ya pele, Arone le bara ba hae ba tle ba bee matsoho a bona hodima hlooho ya pheleu eo.


“Jwale o nke pheleu ya bobedi, Arone le bara ba hae ba bee matsoho a bona hodima hlooho ya yona.


Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle.


Ha o qetile ho e hlwekisa, o tla nyehela ka pohwana e se nang sepha, le ka pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hao.


A bee letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo ya sehlabelo sa setjheso, mme e tla ananelwa e le sehlabelo se tlosang dibe tsa hae.


Arone o tla bea matsoho a hae a mabedi hodima hlooho ya podi ena e ntseng e phela, mme a bolele makgopo wohle a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tsa bona, le dibe tsohle tsa bona; a di bee hodima hlooho ya podi ena, ebe e iswa lehwatateng ke motho ya kgethetsweng hoo.


O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo eo, a e hlabele monyakong wa Tente ya Morena. Baprista, e leng bara ba Arone, ba tla foka mahlakore wohle a mane a aletare, ka madi a yona.


O tla tlisa pohwana ena monyakong wa Tente ya Morena kapele ho Morena, a bee letsoho la hae hodima hlooho ya yona, a e hlabele Morena.


Jwale Moshe a tlisa pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, mme Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya pohwana ya nyehelo e tlosang dibe.


Moshe a tlisa pheleu ya sehlabelo sa setjheso, mme Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya yona.


“Balevi ba bee matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipohwana, ebe wena o nyehela ka pohwana e nngwe ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe, mme e nngwe e le nyehelo ya setjheso ya ho etsetsa Balevi tefelo ya sebe.


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ