Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 28:40 - BIBELE

40 Bara ba Arone bona o tla ba etsetsa diaparo tse fihlang maotong le maqhama; o be o ba etsetse le dituku tsa hlompho le bokgabane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 O tla etsetsa bara ba Aarone dikojwana, o ba etsetse le dinyepa le dikatiba tsa kganya le kgabiso;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 28:40
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O etsetse moholwane wa hao Arone diaparo tse halalelang, tsa hlompho le bokgabane.


Tsena ke diaparo tseo ba tla mo etsetsa tsona: mokgabiso wa sefuba, le setipe, le seaparo, le seaparo se fihlang maotong se lohilweng, le katiba, le leqhama. Ba tla etsetsa moholwane wa hao Arone le bara ba hae diaparo tse halalelang, tseo ba tla di apara ha ba ntshebeletsa e le baprista.


Jwale o atametse bara ba hae, o ba apese diaparo tse fihlang maotong.


O tlame Arone le bara ba hae ka maqhama, o ba rwese dituku, mme e tla ba baprista ka molao wa mehla yohle. Ka mokgwa o jwalo o tla halaletsa Arone le bara ba hae.


Ba tlisa diaparo tse lohilweng, tsa ho sebeletsa Sehalalelong, e leng diaparo tse halalelang tsa moprista Arone; le diaparo tsa bara ba hae ha ba sebeletsa e le baprista.


Tsoha! Tsoha! O matlafale wena Sione! Wena Jerusalema, motse o halalelang, apara aparo tsa hao, aparo tse majabajaba, maqai le ba sesila ba ke ke ba hlola ba kena, ba kena ho wena.


O tla tola ka metsi a le ka Sehalalelong, a apare diaparo tsa hae, a ntano tswa, a etse nyehelo ya hae ya setjheso, le nyehelo ya setjhaba ya setjheso; a be a iketsetse tefelo ya sebe, a e etsetse le setjhaba.


Jwale Moshe a tlisa bara ba Arone, a ba apesa diaparo tse fihlang maotong, mme a ba tlama ka maqhama, a ba rwesa dituku, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


a se ke a ba utswetsa. Empa a bontshe hore a tshepahala kannete, kamehla, hore a tle a etse hore thuto ya Modimo, Mopholosi wa rona, e kgahlehe dinthong tsohle.


Wena ka sebele o ba etsetse mohlala dinthong tsohle ka mesebetsi e metle, ka thuto e hlwekileng le ka boitlhompho.


Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikobobetsi o a ba hauhela.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ