Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 28:38 - BIBELE

38 Moqhaka oo o be phatleng ya Arone, a tle a jare melato e ka etswang ke bana ba Iseraele, ha ba fana ka dimpho tsa bona tse halalelang. O tla nne o be phatleng ya hae kamehla, e le hore dimpho tseo tsa bona di tle di amohelehe ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Le tla ba phatleng ya Aarone, mme Aarone o tla jara bokgopo ba ntho tse kgethehileng tseo bana ba Iseraele ba di kgethang, e leng dineo tsohle tsa ntho tsa bona tse kgethehileng. Le tle le be phatleng ya hae kamehla, hore ba fumane mohau pela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 28:38
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moqhaka oo o rokellwe katibeng ka mohala o moputswa; o rokellwe phatleng ya katiba.


Arone le bara ba hae ba a tene ha ba kena ka Tenteng ya Morena, kapa ha ba atamela aletareng ho ya sebeletsa Sehalalelong. Ka mokgwa o jwalo ba ke ke ba jara molato, yaba ba a shwa. “Molao ona ke wa mehla yohle ho yena, le ho ditloholo tsa hae.”


Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle.


bona ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo. Nyehelo tsa bona tsa setjheso le mahlabelo a bona, tsena ke tla di amohela aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, e bitswe ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle.”


Mehlape yohle ya Kedare e tla phuthwa, e tliswe ho wena, dipheleu tsa Nabajota di tla o sebeletsa, di etswe nyehelo e amohelehang aletareng ya ka, ebe Tempele ya ka ke e tlotlisa haholo.


A bee letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo ya sehlabelo sa setjheso, mme e tla ananelwa e le sehlabelo se tlosang dibe tsa hae.


“Ke ka baka lang ha nyehelo e tlosang sebe le sa ka la e jella Sehalalelong, kaha e halalela ka ho fetisisa? Le e filwe hore e hlakole sebe sa phutheho, ka ho etsetsa phutheho eo tefelo ya sebe kapele ho Morena.


ba se ke ba itjarisa molato wa bokgopo ka ho ja dintho tse halalelang, hobane ke nna Morena ya ba halaletsang.’ ”


“Ha namane, kapa konyana, kapa potsanyane e tswalwa, e lokela ho nyanya mma yona ka matsatsi a supileng. Ho tloha ka letsatsi la borobedi le a hlahlamang, e ka amoheleha ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso.


“ ‘Ba tla boloka taelo ya ka, hore ba se ke ba ipelesa sebe ka lebaka la yona, mme ba eshwa, hobane ba e silafaditse.


Yena o tla akgotsa ngata eo kapele ho Morena, e le hore le tle le amohelehe. Moprista o tla e akgotsa hoseng ha letsatsi le hlahlamang la phomolo.


Morena a re ho Arone: “Wena le bara ba hao, le ba lelapa la ntatao, le tla ikarabella bakeng sa bokgopo bo ka silafatsang Sehalalelo. Wena le bara ba hao le tla jara bokgopo ba boprista ba lona.


Ka la hosasane Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: “Bonang Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


e le hore re rorise mohau o tlotlehang wa hae, oo a re hauhetseng ka wona, ka Mora wa hae ya ratwang.


Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ