Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 28:37 - BIBELE

37 Moqhaka oo o rokellwe katibeng ka mohala o moputswa; o rokellwe phatleng ya katiba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 O le hokele ka kgole ya purepera, mme le bewe moqhweleng; le dule kapele ho moqhwele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 28:37
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tlame mefitshane ya mokgabiso wa sefuba ka mohala o moputswa, o o tlamelle mefitshaneng ya setipe, hore mokgabiso wa sefuba o tle o dule hodima leqhama, o se ke wa lokoloha setipeng.


“Seaparo se aparwang tlasa setipe o tla se etsa ka lesela le leputswa feela.


“O tla etsa moqhaka ka kgauta e hlwekileng, mme hodima yona o ngole jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, o re: Mohalaledi wa Morena.


Moqhaka oo o be phatleng ya Arone, a tle a jare melato e ka etswang ke bana ba Iseraele, ha ba fana ka dimpho tsa bona tse halalelang. O tla nne o be phatleng ya hae kamehla, e le hore dimpho tseo tsa bona di tle di amohelehe ho Morena.


Tsena ke diaparo tseo ba tla mo etsetsa tsona: mokgabiso wa sefuba, le setipe, le seaparo, le seaparo se fihlang maotong se lohilweng, le katiba, le leqhama. Ba tla etsetsa moholwane wa hao Arone le bara ba hae diaparo tse halalelang, tseo ba tla di apara ha ba ntshebeletsa e le baprista.


O mo rwese katiba hloohong, ebe o bea moqhaka o halalelang hodima katiba eo.


A mo rwesa katiba hloohong, mme a bea moqhaka wa kgauta o halalelang hodima karolo e kapele ya katiba eo, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Yaba lengeloi le re: “Mo rweseng tuku e hlwekileng hloohong.” Ba mo rwesa tuku e hlwekileng, ba mo apesa diaparo tse ntlentle, lengeloi la Morena le ntse le eme moo.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona ba iketsetse ditjellane diqoleng tsa diaparo tsa bona, melokong yohle ya bona, mme hodima tjellane e nngwe le e nngwe e qoleng ya seaparo ho rokellwe kgwele e putswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ