Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 28:32 - BIBELE

32 Lesoba la ho se kgetshemetsa hloohong le tla ba hare ho sona, mme ho potoloha lesoba leo ho etswe lemeno le le phethang, le entsweng ke selohi. Lesoba leo le be jwaloka la molala wa baki ya mohlabani, hore le se ke la taboha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 e be le lesoba la hlooho bohareng ba yona; mmenong wa lesoba e be le moqhaka o tshophilweng; lesoba leo le be jwaloka lesoba la seaparo sa bahlabani hore kobo e se ke ya taboha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 28:32
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Usiya a etsetsa mabotho ana wohle dithebe, le marumo, le dikatiba tsa tshepe, le dibaki tsa tshepe, le diqha, a ba nea le majwe a tla betswa ka matjeketjane.


Ho tloha mohlang oo, halofo ya bahlanka ba ka ya nna ya sebetsa, empa halofo e nngwe yona ya dula e hlometse ka marumo, le ka dithebe, le ka diqha, e apere diaparo tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe. Babusi ba ne ba eme kamora setjhaba sohle sa Juda,


Kahodima yona ho kuba sabole, ho kube lerumo, le motsu, le yona tsenene!


“Seaparo se aparwang tlasa setipe o tla se etsa ka lesela le leputswa feela.


Lemenong la seaparo o tle o etse dikgarenate ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, ho se potoloha. Pakeng tsa tsona, ho potoloha, o etse mangenengene a kgauta;


Lesoba la ho se kgetshemetsa hloohong le ne le le hare ho sona, jwaloka la molala wa baki ya mohlabani. Ho potoloha lesoba leo ho ne ho entswe lemeno le le phethang, hore lesoba le se ke la taboha.


le katiba ka lesela le jwalo, le dituku tsa bokgabane ka lesela le jwalo, le marikgwe ka lesela le jwalo, le loehileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ