O tlame mefitshane ya mokgabiso wa sefuba ka mohala o moputswa, o o tlamelle mefitshaneng ya setipe, hore mokgabiso wa sefuba o tle o dule hodima leqhama, o se ke wa lokoloha setipeng.
Lesoba la ho se kgetshemetsa hloohong le tla ba hare ho sona, mme ho potoloha lesoba leo ho etswe lemeno le le phethang, le entsweng ke selohi. Lesoba leo le be jwaloka la molala wa baki ya mohlabani, hore le se ke la taboha.
Tsena ke diaparo tseo ba tla mo etsetsa tsona: mokgabiso wa sefuba, le setipe, le seaparo, le seaparo se fihlang maotong se lohilweng, le katiba, le leqhama. Ba tla etsetsa moholwane wa hao Arone le bara ba hae diaparo tse halalelang, tseo ba tla di apara ha ba ntshebeletsa e le baprista.
O nke diaparo, o apese Arone seaparo se fihlang maotong, le seaparo se aparwang tlasa setipe, le setipe, le mokgabiso wa sefuba; ebe o mo tlama thekeng ka leqhama le tlamang setipe.
A apesa Arone seaparo se fihlang maotong, le setipe, a mo tlama ka leqhama. A mo apesa seaparo, a mo apesa le setipe, a mo tlama thekeng ka leqhama le tlamang setipe.
Ka selemo se seng le se seng mmae o ne a ye a mo etsetse kojwana, a mo tlisetse yona ha a nyoloha le monna wa hae ho tla nyehela ka sehlabelo sa selemo se seng le se seng.