Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 28:29 - BIBELE

29 “Jwale Arone o tla kena ka Sehalalelong a apere mokgabiso wa sefuba wa kahlolo, o nang le mabitso a bara ba Iseraele, e le hore Morena a nne a ba hopole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Etlare ha Aarone a kena sehalalelong, o tla jara sefubeng sa hae, ka mokgajwana wa kahlolo, mabitso a bana ba Iseraele, e tle e be kgopotso e sa feleng pela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 28:29
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O rokelle majwe ao a mabedi hodima masela a setipe a mahetleng, e be majwe a kgopotso ya bara ba Iseraele. Arone o tla apara setipe se rokeletsweng majwe ao, hore Morena a tle a ba hopole.


“O tla etsa le mokgabiso wa sefuba wa kahlolo, o etswe ke setsebi. O o etse jwalokaha ho entswe setipe, ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng.


O tlame mefitshane ya mokgabiso wa sefuba ka mohala o moputswa, o o tlamelle mefitshaneng ya setipe, hore mokgabiso wa sefuba o tle o dule hodima leqhama, o se ke wa lokoloha setipeng.


Ka mokgabisong wa sefuba wa kahlolo, o tle o kenye majwe a Urime le Thumime, a tle a be sefubeng sa Arone ha a eya kapele ho Morena. Ka mokgwa o jwalo Arone o tla nne a jare kahlolo ya bana ba Iseraele sefubeng sa hae kamehla ha a eya kapele ho Morena.”


Mpee fubeng sa hao jwaloka setempe, jwaloka lesekana nthwale tsohong la hao, hoba matla a lerato a tshwana le a lefu, sehloho sa lefufa se tshwana le sa lebitla. Lerato le tuka sa kganare e tlola ditlhase, jwaloka tetema e laima malakabe!


Kgosi ya bona e tla hlaha hara bona, kgosana ya bona e be e mong wa bona; ke tla e atametsa, e be haufi le nna. Ya tla ba le sebete sa ho nkatamela ke mang?” ho rialo Morena.


Bana beso, takatso ya pelo ya ka, le thapelo eo ke ba rapellang ka yona ho Modimo, ke hore ba pholoswe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ