Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 28:18 - BIBELE

18 Moleng wa bobedi e be lejwe la emeraleda, le la safire, le la daemane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 molaneng wa bobedi, ho bewe karbunkle, le safire, le daemane;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 28:18
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka kgauta ya Ofire bo ke ke ba rekwa, kapa ka kareneleane le safire ya bohlokwa.


Majwe a lona a bopeletswe le disafire, a bile a na le mereto ya kgauta.


Ba bona Modimo wa Iseraele; tlasa maoto a hae ho le letlapa le kang la lejwe la safire, le hlwekileng jwaloka mahodimo.


Ka ho wona o rokelle mela e mene ya majwe a bohlokwa, a kgabisitsweng. Moleng wa pele e be lejwe la rubi, le la topase, le la karanete.


Moleng wa boraro e be lejwe la turukose, le la akate, le la ametise.


Moleng wa bobedi e ne e le lejwe la emeraleda, le la safire, le la daemane.


Matsoho a hae a ka meholoko ya kgauta, meholoko e kgabisitsweng ka lejwe la Tarashishe; mmele wa hae o benya sa manaka a tlou, manaka a tlou a kgabisitswe ka disafire.


“Sebe sa Bajuda se ngotswe ka pene ya tshepe, sa ngolwa pelong tsa bona, sa ngolwa ka daemane e le ntjhotjho, sa ngolwa le manakeng a dialetare tsa bona.


Kahodimo ho loapi leo le okametseng dihlooho tsa tsona, ho ne ho ena le ntho e kang terone ya safire, mme hodima yona ho dutse ho kang motho.


Ka tadima, mme ka bona ho kang terone e entsweng ka lejwe la bohlokwa la safire, ho le kahodimo ho loapi le neng le okametse dihlooho tsa dikerubime.


“ ‘Baarame le bona ba ne ba hweba le wena ka baka la bongata ba thepa eo o neng o e etsa; ba ananya thepa eo ya hao ka majwe a bohlokwa a matala, le ka masela a perese, le a homilweng, le ka lene e ntle, le ka dikgetla, le ka majwe a bohlokwa a mafubedu.


O no phela Edene, rapeng sa Modimo, mekgabo ya hao e le mahakwe a bohlokwa: dirubi, didaemane le ditopase; berile, kareneleane, le jasepere; safire, emeraleda le karanete. Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta, tsena tsohle o no di etsetswe, wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao.


Ya dutseng teroneng o ne a bonahala a phatsima jwaloka lehakwe la jasepere le la kareneleane, mme mookodi o neng o potapotile terone o ne o bonahala o ka lehakwe la emeraleda.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ