Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 28:17 - BIBELE

17 Ka ho wona o rokelle mela e mene ya majwe a bohlokwa, a kgabisitsweng. Moleng wa pele e be lejwe la rubi, le la topase, le la karanete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 O kenye ho wona, ka mokgwa oo mahakwe a bewang ka wona, melana e mene ya mahakwe: molaneng o mong ho bewe rubise, topase, le emeralde, ke molana wa pele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 28:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla ngola mabitso a bara ba Iseraele majweng a mabedi ao, jwalokaha setsebi sa mongolo se ye se ngole setempe sa bopaki; ebe o a kenya shweshweng e entsweng ka kgauta.


Mokgabiso wa sefuba o tla ba le mahlakore a mane, a menahantsweng; bolelele ba wona bo lekane le seatla, le bophara ba wona bo lekane le seatla.


Moleng wa bobedi e be lejwe la emeraleda, le la safire, le la daemane.


“O nke majwe a mabedi a bohlokwa a kareneleane, hodima wona a ngole mabitso a bara ba Iseraele.


Kgauta e teng le mabenyane a bohlokwa a teng, empa molomo o bolelang tsebo ke lehakwe la bohlokwa.


bo kgahleha ho feta le mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona;


Mosadi ya kgabane a ka fumanwa ke mang? Bohlokwa ba hae bo feta le mabenyane a bohlokwa!


“Bohlale bo molemo ho feta mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona.


Mahosana a ne a phatsima ho feta lehlwa, bosweu ba wona bo feta le ba lebese, mmele e le mesehla ho feta mabenyane, bokgabane ba wona e ka ba majwe a safire.


O no phela Edene, rapeng sa Modimo, mekgabo ya hao e le mahakwe a bohlokwa: dirubi, didaemane le ditopase; berile, kareneleane, le jasepere; safire, emeraleda le karanete. Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta, tsena tsohle o no di etsetswe, wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao.


“Bao e tla ba ba ka,” ho rialo Morena wa mabotho, “e be ba ka mohla letsatsi leo ke le kgethileng. Ke tla ba baballa jwalokaha ntata a baballa mora wa hae ya mo sebeletsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ