Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 28:15 - BIBELE

15 “O tla etsa le mokgabiso wa sefuba wa kahlolo, o etswe ke setsebi. O o etse jwalokaha ho entswe setipe, ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 O tla etsa mokgajwana wa kahlolo ka mokgwa wa mosebetsi o etswang ka masene; o o etse ka mokgwa o le mong le efoda; o o etse ka kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 28:15
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le majwe a kareneleane, le mahakwe a rokellwang setipeng, le mokgabisong wa sefuba.


“Hape o tla etsa leaho ka masira a leshome, a entsweng ka lesela la lene, a loehileng, le a maputswa, le a perese, le a mafubedu; setsebi se lohelle ditshwantsho tsa dikerubime ho wona.


“Jwale ebe o etsa lesira la monyako wa Tente ya Morena; o le etse ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng, mme le etswe ke sehomi.


le diketane tse pedi tsa kgauta e hlwekileng, tse lohilweng jwaloka thapo, o di hokele dishweshweng tseo.”


Mokgabiso wa sefuba o tla ba le mahlakore a mane, a menahantsweng; bolelele ba wona bo lekane le seatla, le bophara ba wona bo lekane le seatla.


Ka mokgabisong wa sefuba wa kahlolo, o tle o kenye majwe a Urime le Thumime, a tle a be sefubeng sa Arone ha a eya kapele ho Morena. Ka mokgwa o jwalo Arone o tla nne a jare kahlolo ya bana ba Iseraele sefubeng sa hae kamehla ha a eya kapele ho Morena.”


Tsena ke diaparo tseo ba tla mo etsetsa tsona: mokgabiso wa sefuba, le setipe, le seaparo, le seaparo se fihlang maotong se lohilweng, le katiba, le leqhama. Ba tla etsetsa moholwane wa hao Arone le bara ba hae diaparo tse halalelang, tseo ba tla di apara ha ba ntshebeletsa e le baprista.


“Ba tla etsa setipe ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng; se etswe ke setsebi.


O nke diaparo, o apese Arone seaparo se fihlang maotong, le seaparo se aparwang tlasa setipe, le setipe, le mokgabiso wa sefuba; ebe o mo tlama thekeng ka leqhama le tlamang setipe.


A mo apesa mokgabiso wa sefuba, mme hodima wona a bea majwana a kgabisitsweng a Urime le Thumime.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ