Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 25:40 - BIBELE

40 Hlokomela, o di etse ho latela setshwantsho seo o se bontshitsweng ha o le thabeng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 O hlokomele ho etsa ntho tseo ka tekanyetso eo o e bontshitsweng thabeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 25:40
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Davida a nea Solomone, mora wa hae, setshwantsho sa lethule la Tempele, le sa matlo a yona, le sa dikamore tsa matlotlo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa sekwahelo sa tefelo ya sebe.


Yaba Davida o re: “Tsena tsohle ke di ngotse, hobane letsoho la Morena le ile la ntataisa, mme a etsa hore ke utlwisise diqaqiso tsohle tsa setshwantsho sena.”


A etsa didulwana tsa mabone, tsa kgauta, tse leshome, ho ya kamoo di neng di tshwanetse ho ba kateng, a di bea ka Tempeleng, tse hlano ka letsohong le letona, tse hlano ka ho le letshehadi.


Sedulwana sena, le thepa yohle ya sona, di etswe ka kgauta e hlwekileng, e lekanang le dikilo tse mashome a mararo a metso e mene ka boima.


Le se etse ho latela tsohle tseo ke tla o bontsha tsona setshwantshong, e leng setshwantsho sa leaho, le setshwantsho sa thepa yohle ya lona.”


“O tla etsa leaho ho latela setshwantsho seo o se bontshitsweng ha o le thabeng.


O tle o e etse ka dithupa, tse fatilweng sekoti hare; o e etse hore e be jwalokaha o ile wa e bontshwa ha o le thabeng.”


le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate wa Sehalalelo. Ba tla etsa tsohle ho ya kamoo ke o laetseng kateng.”


Yaba Moshe o bitsa Besalele le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale dipelong tsa bona, ba ratang, hore ba tle mosebetsing, ba sebetse.


Sedulwana se ne se entswe ka kgauta e thutsweng; ho tloha lenonong la sona ho isa dipaleseng tsa sona, e ne e le ntho e le nngwe, e le mosebetsi o thutsweng, ho ya ka setshwantsho seo Morena a neng a se bontshitse Moshe.


“Bo-ntata rona ba ne ba ena le Tente e pakang boteng ba Modimo lehwatateng, kamoo ho laetseng ya neng a bua le Moshe kateng, hore a e etse jwaloka setshwantsho seo a ileng a se bona.


Feela bosebeletsi ba bona ke mohlala le setshwantsho sa tse mahodimong, jwalokaha Modimo a ile a lemosa Moshe, ha a le lekgatheng la ho hloma Tente, a re: “Bona, o tla etsa tsohle ho latela seo o neng o se bontshwe ha o le thabeng.”


“ ‘Ka baka leo, re ile ra re etlare ka nako e tlang, ha ba bua jwalo ho rona kapa ho bana ba rona, ebe re re: “Bonang moaho ona wa aletare ya Morena, e tshwanang le eo bo-ntata rona ba e hahileng, ba sa e hahe e le e etsetsang nyehelo ya setjheso, kapa ya sehlabelo, e mpa e le paki e pakeng tsa rona le lona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ