Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 25:23 - BIBELE

23 “O tla etsa tafole ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e be disenthimethara tse mashome a robedi a metso e robedi, bophara ba yona e be disenthimethara tse mashome a mane a metso e mene, mme bophahamo ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Hape, o tla etsa tafole ya sefate sa leoka; bolelele ba yona e be ditswe tse pedi, bophara ba yona e be ba tswe se le seng, bophahamo ba yona e be setswe se nang le halofo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 25:23
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a etsa thepa yohle ya Tempele ya Morena: aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta, moo ho neng ho bewa bohobe bo halalelang,


le didulwana tsa mabone tsa kgauta e hlwekileng, tse beilweng kapele ho Sehalalelo; tse hlano tsa didulwana di le ka letsohong le letona, tse hlano ka ho le letshehadi; le dipalesa, le mabone, le matlao a kgauta;


A mmolella le boima ba kgauta e tla etsa tafole e nngwe le e nngwe e tla bea bohobe bo halalelang, le boima ba silefera e tla etsa ditafole tsa silefera,


Solomone a etsa dintho tsohle tsa Tempele ya Morena, le aletare ya kgauta, le ditafole tse neng di bea bohobe bo halalelang.


A etsa le ditafole tse leshome, a di bea ka Tempeleng; tse hlano ka letsohong le letona, tse hlano ka ho le letshehadi. A etsa le dikotlolo tse lekgolo tsa kgauta.


le tafole, le tsohle tsa yona; le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, le tsohle tsa sona; le aletare ya mokubetso,


le tafole, le mefeng ya yona, le dijana tsohle tsa yona, le bohobe bo halalelang;


aletare ya lehong, e bophahamo ba methara e le nngwe, bolelele le bophara bo lekana. Dihuku tsa yona, le fatshe ho yona, le mahlakore a yona, tsohle e ne e le tsa lehong. Monna eo a re ho nna: “Ena ke tafole e kapele ho Morena.”


O tla di bea ka mela e mmedi hodima tafole ya kgauta e hlwekileng, kapele ho Morena, mola ka mong o be le dikuku tse tsheletseng.


Mosebetsi wa bona e ne e le ho hlokomela areka, le sedulwana sa lebone, le dialetare, le dijana tse Sehalalelo tseo ba sebeletsang ka tsona; le lesira, le ditshebeletso tsohle tsa sona.


Hodima tsona ba ale lesela le lefubedu, mme ba kwahele ka letlalo la qibi, ebe ba kgwesa tafole mefenng ya yona.


Ho ile ha hlongwa Tente, eo karolo ya yona ya pele e neng e bitswa Sehalalelo. Ka ho sona ho ne ho ena le sedulwana sa mabone, tafole, le bohobe bo halalelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ