Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 25:21 - BIBELE

21 O tla bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka, mme kahare ho areka o tla kenya matlapa a ngotsweng Molao, ao ke tla o nea wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 O tla bea sekwahelo hodima areka, mme ka arekeng o bee bopaki boo ke tla o nea bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 25:21
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho ne ho se letho kahara areka, haese matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta.


Jwale Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, ba mo rwesa mofapahlooho, ba mo nea le Buka ya Molao, mme ba mo etsa kgosi. Jehoyada le bara ba hae ba mo tlotsa, mme ba re: “Kgosi e ke e re phelele!”


Arone a etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, a bea nkgo pela matlapa a ngotsweng Molao, hore e bolokwe.


Ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa o tla bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka ya selekane.


O tla bea aletare kapele ho lesira le siretseng areka ya selekane, kapele ho sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka eo, moo ke tla kopana le wena teng.


A nka matlapa a ngotsweng Molao, a a kenya ka arekeng, a kgwesa mefeng mahlakoreng a areka, mme a bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka.


Mokubetso ona a o tshele hodima mollo, kapele ho Morena, e le hore mosi wa mokubetso o tle o kwahele sekwahelo sa tefelo ya sebe, se hodima areka e kentseng matlapa a ngotsweng Molao, e le hore Arone a se ke a shwa.


Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella moholwana wa hao Arone hore a se no kena ka Sehalalelong ka dinako tsohle, kamora lesira le siretseng sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka ya selekane e le hore a se ke a shwa, hobane ke tla iponahatsa hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, ke le lerung.


Melamu ena o e bee ka Tenteng ya Morena, kapele ho areka ya selekane, e leng moo ke kopanang le wena teng.


Ha Moshe a kena ka Tenteng ya Morena ho ya bua le Modimo, a utlwa lentswe le buang ho yena, le etswa kahodima sekwahelo se hodima areka ya selekane, pakeng tsa dikerubime tse pedi, mme yaba le bua le yena.


hobane Kreste ke yena qetello ya Molao, ho lokafatsa mang le mang ya dumelang.


Ka kgutla, ka theoha thabeng, ka kenya matlapa ka arekeng eo ke e entseng. Matlapa a dula kamoo, jwalokaha Morena a ntaetse.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ