Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 25:18 - BIBELE

18 O tla etsa dikerubime tse pedi tsa kgauta; o di etse ka kgauta e thutsweng, mme di be ntlheng tse pedi tsa sekwahelo sa tefelo ya sebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hape, o etse dikerubime tse pedi tsa kgauta: o tle o di etse ka kgauta e teilweng, o di bee dintlheng tse pedi tsa sekwahelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 25:18
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo.


A ba a mmolella le boima ba kgauta e hlwekisitsweng, e tla etsa aletare ya ho tjhesetsa mokubetso, a mo nea le setshwantsho sa kariki, ke ho re sa dikerubime tsa kgauta, tse tla thathalatsa mapheo, di kgurumetse areka ya selekane sa Morena.


Ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa a etsa dikerubime tse pedi, tse betlilweng, mme a di maneha kgauta.


“O tla etsa sekwahelo sa tefelo ya sebe ka kgauta e hlwekileng; bolelele ba sona e be disenthimethara tse lekgolo le leshome, bophara ba sona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.


Kerubime ya pele e be ka ntlheng ena ya sekwahelo, kerubime ya bobedi e be ka ntlheng yane ya sona. Dintlheng tse pedi tsa sekwahelo sa tefelo ya sebe, o etse dikerubime.


Dipalesa le manono a tsona di thulellwe le sedulwana, e be ntho e le nngwe e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e thutsweng.


Morena a re ho monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene: “Kena hara mabidi a katlasa dikerubime. Ka matsoho a hao o nke mashala a tukang, a hara dikerubime, o a hasanye hodima motse.” Yaba o kena hara mabidi ke ntse ke mo tadimile.


Tsena ke tsona dibopuwa tse phelang, tseo ke neng ke ile ka di bona di le katlasa Modimo wa Iseraele, pela noka ya Kebare, mme ka hlokomela hore e ne e le dikerubime.


Dikerubime di ne di eme ka lehlakoreng le letona la Tempele, ha motho enwa a kena hara tsona, mme leru la tlala kahara lebala le kahare.


Hodima areka eo ho ne ho ena le dikerubime tse tlotlehang. Mapheo a tsona a ne a kgurumeditse sebaka sa tefelo ya dibe. Empa ena hase nako ya ho lokodisa tsena tsohle.


Setjhaba sa romela maqosa Shilo, a tla le areka ya selekane sa Morena wa mabotho, ya dutseng hodima dikerubime. Bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, ba tla le areka ya selekane sa Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ