Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le sebakeng se seng, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno.
O tle o e etsetse mehele e mene ya kgauta, o e kgwese maotong a yona a mane; mehele e mmedi e be ka lehlakoreng la pele, le e meng e mmedi ka lehlakoreng la bobedi.
Ba bee dijana tsohle tsa aletare hodima yona, tseo ba sebeletsang ka tsona, e leng dithotobolo, le difereko, le dikgarashwana, le dikotlolo, le dijana tsohle tsa aletare, ebe ba di kwahela ka letlalo la qibi, ba nto e kgwesa mefenng ya yona.