Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 25:12 - BIBELE

12 O tle o e etsetse mehele e mene ya kgauta, o e kgwese maotong a yona a mane; mehele e mmedi e be ka lehlakoreng la pele, le e meng e mmedi ka lehlakoreng la bobedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O e tshollele mehwele e mene ya kgauta eo o tla e bea dintlheng tse nne tsa yona: mehwele e mmedi e be lehlakoreng le leng la yona, e meng mehwele e mmedi e be lehlakoreng le leng la yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 25:12
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O manehe kgauta e hlwekileng hodima areka eo; o e manehe kantle le kahare, mme hodima yona o etse moqhaka wa kgauta o e potolohang.


Ka dithupa tsa sefate sa mositsane o etse mefeng e jarang, o e manehe kgauta.


Mefeng e jarang e tla kenngwa meheleng ya areka, mme e se ke ya ba ya ntshwa meheleng eo.


O tla e etsetsa mehele e mene ya kgauta, mme o hokele mehele eo dihukung tse nne tsa maoto a yona a mane.


Ditshiya tsena o tla di maneha kgauta, o di etsetse mefitshane ya kgauta, eo ho tla kgweswa maballo ho yona, mme ao le wona o tla a maneha kgauta.


Mefeng eo ya yona e kgweswe mefitshaneng, hore e tle e be mahlakoreng a mabedi a aletare ha e jarwa.


Yaba o kgwesa mefeng eo meheleng e mahlakoreng a areka, ho tle ho jarwe areka ka yona.


Mefeng eo a e kgwesa mefitshaneng, mahlakoreng a aletare, hore aletare e tle e jarwe ka yona. A e etsa ka dithupa tse fatilweng sekoti hare.


Ba etsa dishweshwe tse pedi tsa kgauta, le mefitshane e mmedi ya kgauta, ba hokela mafitshane e mmedi eo dintlheng tse pedi tsa mokgabiso wa sefuba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ